Jeremia 37:1 - BIBELE1 Kgosi Sedekiya, mora wa Josiya, a etswa kgosi ya Juda ke Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a mo nea setulo sa Koniya, mora wa Jehoyakime. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)1 Tulong tsa Jekonia, mora Jojakime, ha busa Tsedekia, mora Josiase, a beilwe morena lefatsheng la Juda ke Nebukadresare, morena wa Babilona. Ver Capítulo |
Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mehlano, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, selemong sa mashome a mararo a metso e supileng, sa ho kenngwa tjhankaneng ha Jehoyakine, kgosi ya Juda, Efile-Merodake, kgosi ya Babilona, a qala ho busa. A hauhela Jehoyakine, kgosi ya Juda, a mo lokolla tjhankaneng.