Jeremia 34:16 - BIBELE16 Empa le ile la kweneha, la silafatsa lebitso la ka, motho ka mong a kgutlisetsa lekgoba la hae le lekgabunyane la hae bokgobeng boo le neng le se le lokolotswe ho bona, hore e boele e be makgoba le makgabunyane a lona. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)16 Le mpa le boetse le fetohile, le silafaditse lebitso la ka, le boetse le latile e mong le e mong mofo wa hae, e mong le e mong lekgabunyane la hae, bao le neng le kile la ba lesela ba ikela ka ho rata ha bona; le boetse le ba latile hore e be bafo ba lona le makgabunyane a lona. Ver Capítulo |
“Empa ha motho ya lokileng a furalla ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, a etsa dintho tse manyala, tse etsweng ke motho ya kgopo, na motho eo o tla phela? Dintho tsohle tse lokileng tseo a di entseng ha di sa tla bolelwa. O tla shwa ka baka la ditshito tsa hae, tseo a sitilweng ka tsona, le ka baka la dibe tsa hae, tseo a di entseng.