Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 34:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Le mpa le boetse le fetohile, le silafaditse lebitso la ka, le boetse le latile e mong le e mong mofo wa hae, e mong le e mong lekgabunyane la hae, bao le neng le kile la ba lesela ba ikela ka ho rata ha bona; le boetse le ba latile hore e be bafo ba lona le makgabunyane a lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Empa le ile la kweneha, la silafatsa lebitso la ka, motho ka mong a kgutlisetsa lekgoba la hae le lekgabunyane la hae bokgobeng boo le neng le se le lokolotswe ho bona, hore e boele e be makgoba le makgabunyane a lona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 34:16
15 Referencias Cruzadas  

O se ke wa tlaela ka lebitso la Jehova, Modimo wa hao, hobane Jehova a ke ke a latola molato wa ya tlaelang ka lebitso la hae.


Ba mpa ba ntoo kweneha, mme ba lata bahlanka ba batona le bahlanka ba batshehadi bao ba neng ba ba lesetse ba ikela, ba boela ba ba bea bafo le makgabunyane.


Erekaha le hlomodisitse ka bohata pelo ya ya lokileng eo ke neng ke sa mo hlomodise, mme le natlafaditse diatla tsa e mobe, hore a se ke a sokoloha tseleng ya hae e mpe, a tle a tsebe ho pholoswa,


Empa ekare ha ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, ha a ka ya ka manyala wohle a etswang ke e mobe, na o tla phela na? Ho loka hohle ha hae hoo a neng a ho entse ha ho ka ke ha hopolwa; o tla shwa ka bolotsana boo a bo entseng le ka sebe seo a se entseng.


Ha ho le jwalo, lona ba ntlo ya Iseraele, Morena Jehova o re: Eyang, le sebeletse e mong le e mong ditshwantsho tsa hae; empa hamorao, le tla be le nkutlwe! Le se ke la hlola le hlompholla lebitso la ka le kgethehileng ka dinyehelo tsa lona le ka ditshwantsho tsa lona.


Ya lokileng, leha a ka kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, mohla ke beileng kgopiso pela hae, o tla shwa; ha o sa ka wa mo tshosa, o tla shwa ka sebe sa hae, mme ha ho ka ke ha thwe letho ka tse lokileng tseo a di entseng; empa madi a hae ke tla a batla letsohong la hao.


Ke tla tumisa lebitso la ka le kgethehileng hara setjhaba sa ka sa Iseraele, ha ke sa tla dumela hore ho hlomphollwe lebitso la ka le kgethehileng; mme ditjhaba di tla tseba hoba ke nna Jehova Mohalaledi wa Iseraele.


Le se ke la hlapanya ka leshano ka lebitso la ka, hobane moo etlaba ke ho nyefola lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Jehova.


Empa lona, le a le hlompholla, ha le ntse le re: Tafole ya Jehova e ditshila, le se tswang ho yona ke sejo se nyatsehang.


Le hlahisa sejo se sebe aletareng ya ka, mme le re: Re o hlompholotse kang? Ke ha le re: Tafole ya Jehova e a nyatseha.


Ke swabile ha ke beile Saule morena; hobane o mphuraletse, mme ha a phetha mantswe a ka. Moo Samuele a hlomoha, a howeletsa ho Jehova bosiu bohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos