Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 32:34 - BIBELE

34 Ba ile ba bea medimo ya bona e nyonyehang ka Tempeleng e bitswang ka lebitso la ka, mme ba e silafatsa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Empa ba beile manyala a bona ka tlung eo lebitso la ka le bitswang hodima yona, ba tle ba e silafatse.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 32:34
15 Referencias Cruzadas  

Manase o ne a ena le dilemo tse leshome le metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mahlano a metso e mehlano, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Hefesiba.


A ntsha setshwantsho sa Ashera se ka Tempeleng ya Morena e Jerusalema, a se isa molatswaneng wa Kiderone, a se tjhesetsa teng, a se etsa thuethue, mme molora wa sona a o qhalla hodima mabitla a motse.


A tlosa medimo ya baditjhaba, le ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya bohata ka Tempeleng ya Morena. A heletsa le dialetare tsohle tseo a neng a di hahile thabeng eo Tempele ya Morena e neng e hahilwe ho yona, le Jerusalema; a di lahlela kantle ho motse.


Le baprista bohle ba ka sehloohong, mmoho le setjhaba, ba sitwa haholo, ba latela manyala wohle a baditjhaba, ba silafatsa Tempele ya Morena, eo a neng a e halaleditse Jerusalema.


Ke hobane ba mphuraletse, ba silafaditse sebaka sena, ba tjhesetsa mokubetso ho sona, ba o tjhesetsa medimo esele, eo bona le bo-ntata bona, kapa dikgosi tsa Juda, ba sa kang ba e tseba, mme sebaka sena ba se tlatsa madi a se nang molato.


“Baporofeta le baprista bobedi ba silafetse, e, ka tlung ya ka ke fumane bokgopo ba bona,” ho rialo Morena.


Bohle ba o ratang ba o lebetse, ha ba sa re letho ka wena; ke o otlile sa sera se o otla, ka o tuba sa ya sehloho a o tuba, ka baka la bongata ba makgopo a hao, hoba dibe tsa hao di ile tsa eketseha.


Lona le ile la sokoloha, la etsa ho lokileng mahlong a ka ha motho ka mong a ne a phatlalletsa mohahabo tokoloho. Hape le ne le entse selekane moo ke leng teng, kahare ho Tempele e bitswang ka lebitso la ka.


Leha ho le jwalo ke nnile ka romela bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka re: ‘Oho, se etseng manyala ana ao ke a hloileng!’


ebe le a tla, le fihla le ema kapele ho nna ka Tempeleng ee e bitswang ka lebitso la ka, le re: “Re namoletswe!” Le namoletswe ho etsa manyala aa wohle?


“ ‘Bana ba Juda ba entse bokgopo mahlong a ka, ho rialo Morena. Ka Tempeleng e bitswang ka lebitso la ka ba kentse manyala a bona, hore ba e silafatse.


Ka Kgohlong ya Mora wa Hinome ba hahile aletare e bitswang Tofete, moo ba tjhesetsang bara ba bona le baradi ba bona teng ka mollo, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, le ho se nahana ke eso se nahane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos