Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 32:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Empa ba beile manyala a bona ka tlung eo lebitso la ka le bitswang hodima yona, ba tle ba e silafatse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

34 Ba ile ba bea medimo ya bona e nyonyehang ka Tempeleng e bitswang ka lebitso la ka, mme ba e silafatsa.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 32:34
15 Referencias Cruzadas  

Manasse o ne a le dilemo tse leshome le metso e mmedi, ha a qala ho busa; a busa ka dilemo tse mashome a mahlano a metso e mehlano Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Heftsiba.


A ntsha setshwantsho sa Ashtarothe tlung ya Jehova, a se ntshetsa kantle ho Jerusalema, molatswaneng wa Kedrone, a se tjhesa molatswaneng wa Kedrone, a se tula ya eba lerole, mme a akgela lerole la sona mabitleng a bana ba setjhaba.


Yaba o ntsha medimo ya ditjhaba tlung ya Jehova, le setshwantsho, le dialetare tseo a neng a di hahile thabeng ya ntlo ya Jehova le Jerusalema, mme a di lahlela kantle ho motse.


Esita le mahosana wohle a baprista le sona setjhaba, ba nna ba ya ba atisa ditshito tsa bona ka ho ya ka manyala wohle a ditjhaba; mme ba silafatsa ntlo ya Jehova eo a neng a e halaleditse Jerusalema.


Erekaha ba ntlhobohile, ba ngadile nqalo ena, mme teng dibano ba di tjheseditse medimo esele e sa kang ya tsejwa ke bona le ke bontata bona le ke marena a Juda, mme ba tlatsitse nqalo ena ka madi a se nang molato;


Hobane haele baporofeta le baprista ke banyefodi, le hona ke fumane bolotsana ba bona ka tlung ya ka, ho bolela Jehova.


Dinyatsi tsa hao kaofela di hlile di o lebetse, ha di sa re letho ka wena, kahobane ke o batile ka leqeba leo e kang ke la sera, le ka kgalemelo e thatathata, ka baka la bongata ba makgopo a hao, hobane dibe tsa hao di ngatafetse.


Lona, kajeno lena le ne le bakile, le ne le entse ho lokileng pontsheng ya ka, ka ho bolela tokollo e mong le e mong ho ngwanabo, le ne le entse selekane pela ka, ka tlung eo lebitso la ka le bitswang hodima yona.


Nkile ka nna ka le romela bahlanka ba ka kaofela, e leng baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ke ba roma ka ho re: Le se ke la etsa ntho eo e manyala, eo ke e hloileng.


le ntano tla, le ema pela ka ka tlung ena, eo lebitso la ka le bitswang ho yona, mme le re: Re namoletswe! athe ke hore ho etswe manyala ao kaofela na?


Hobane bana ba Juda ba entse bobe pela ka, ho bolela Jehova, ba beile manyala a bona ka tlung eo lebitso la ka le bitswang ho yona, ba tle ba e silafatse.


Ba hahile linqalo tse diphahameng tsa Tofethe, kgohlong ya mora Hinnome, ho tjhesa bara ba bona le baradi ba bona mollong, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, mme ha se a ka sa hlaha pelong ya ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos