Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 30:7 - BIBELE

7 Jo, tsatsi leo le leholo haholo! Ha ho na le ka tshwanang le lona: Ke tsatsi la tlokotsi ya tjhaba sa ka, empa tjhaba seo se tla phonyoha ho yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Jo nna! tsatsi leo ke le leholo, ha ho le leng le kang lona; ke dinako tsa tsietsi ho Jakobo; leha ho le jwalo, o tla pholoha ho tsona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 30:7
37 Referencias Cruzadas  

Jakobo a tshoha haholo, a tshwenyeha. A arola batho bao a neng a ena le bona, le mehlape ya dinku le ya dikgomo, le dikamele, a etsa dihlopha tse pedi.


Modimo, ako lopolle Iseraele, o mo lopolle matshwenyehong a hae wohle.


Morena o haufi le ba feletsweng ke tshepo, o pholosa ba meya e tetebetseng.


Mohlang oo, setjhaba se ahileng lebopong lena, se tla re: ‘Bonang se hlahetseng bao re neng re ba tshepile, bao re bileng ra phallela ho bona ho ya kopa thuso, hore re namolelwe matsohong a kgosi ya Asiria! Jwale rona re ka phonyoha jwang?’ ”


Oho, wena tshepo ya Iseraele, Mopholosi wa yona ka nako ya ditsietsi, ke hobaneng o kang moeti naheng ee, o kang motsamai ya fapohelang ho robaletsa?


Ba re ho sefate: ‘Wena o ntata rona!’ Ho lefika ba re: ‘Rona re tswetswe ke wena!’ Ba mphuraletse, fahleho tsa bona ha di ntadime; athe ka nako ya ditsietsi ba re: ‘Ako tle, o re pholose!’


“E kae jwale medimo ya lona, medimo ya maiketsetso? A e ke e tle haeba e tseba ho le pholosa nakong ena ya lona ya ditsietsi! Palo ya metse ya hao, wena Juda, e lekana le palo ya medimo ya hao.


“Ka baka leo, se tshabe letho, wena mohlanka wa ka Jakobo,” ho rialo Morena. “Se tsielehe, wena Iseraele, ke tla o pholosa o le bakeng se hole, ke lopolle tloholo tsa hao naheng ya bothopuwa; tjhaba sa ka se tla kgutla, se phele ka kgotso, se phele ka boiketlo, ho se ya se tshosang.


“Lona bohle, bo-mofeta-ka-tsela, na hoo ha ho re letho ho lona? Qamakang kahohle le ke le bone: Na matshwenyeho a tshwanang le a ka a teng, matshwenyeho ao ke otlilweng ka wona, ao Morena a a theoletseng hodima ka, mohla tsatsi la kgalefo e tlokomang ya hae?


Ke ntho efe eo nka o pakelang ka yona? Ke ntho efe eo nka o tshwantshang le yona? Ka o tshwantsha le yona, wena Jerusalema? Nka o lekanya le eng, ke tle ke o tshedise? Ke tshedise wena, Moradi wa Sione, Moradi wa Sione wa morwetsana? Botebo ba leqeba la hao bo ka ba lewatle! Ke mang ya ka tsebang ho o phekola?


Kotlo ya tjhaba sa heso e kgolo haholo, ho feta le ya Sodoma, e neng e timetswe ka ho panya ha ntshi, e sa timetswe ke letsoho la motho.


“Ka yona nako eo, Mikaele, kgosana e kgolo, mosireletsi wa setjhaba sa heno, o tla fihla. Mohlang oo ho tla ba le ditlokotsi tse esong ho ka di bonwa, haesale ditjhaba di eba teng ho fihlela kajeno. Ha nako eo e fihla, bohle ba setjhaba sa heno ba ngotsweng Bukeng, ba tla lopollwa.


O phethahaditse dipolelo tsa hao, tseo o neng o di bue ho rona le ho babusi ba rona, ka ho re dihela koduwa ena e tshabehang. Lefatsheng lohle ha ho eso ka ho etswa se kang sena se entsweng mona Jerusalema.


Bajuda le Baiseraele ba tla kopana, ba ikgethele mookamedi a le mong; ba hole, ba atlehe naheng ya bona, hoba tsatsi la Jesereele le tla ba leholo!”


A letsatsi le tshabehang! Tsatsi la Morena le se le le haufi! Le tla tla e le tsatsi la timetso e tswang ho Ya Matla wohle.


Lona maqheku mamelang mona! Lona baahi bohle ba naha, sekehang tsebe! Na mehleng ya lona ntho e tjee e kila bonwa? Mehleng ya bo-ntata lona teng e kila bonwa?


Morena o kgaruma a eteletse mabotho a hae pele, hoba mabotho a hae e hlile ke boiyane; ke dinatla, a phetha taelo ya hae. Letsatsi la Morena le leholo, le leholo le bile le a tshabeha! E be ke mang ya ka le mamellang?


Letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla ba kgubedu jwaloka madi, pele letsatsi le leholo la Morena, le kgethehileng, le fihla.


Jwale wena o llelang hakaale? Na ebe wena ha o na kgosi? Na moeletsi wa hao o timetse, ha e le moo o utlwa bohloko, bohloko bo kang, ba mahlaba a pelehi?


Ha ke utlwa ke ile ka ferekana, ka bebenya melomo ha ke utlwa modumo oo; masapo a ka a qala ho bola, maoto a ka le wona a rerekela. Empa tsatsi la koduwa ke tla le lebella, tsatsi leo ke le lebelle ka mamello, hore le tjhabele tjhaba se re futuhetseng.


E tla ba letsatsi le sa tshwaneng le a mang, letsatsi le tsejwang ke Morena feela, letsatsi le se nang nyene kapa bosiu. Ka phirimana kganya e tla nne e be teng.


Morena wa mabotho o re: “Ruri letsatsi leo le a tla; le tla tjhesa jwaloka sebopi sa mollo. Bohle ba ikakasang le ba etsang bokgopo ba tla ba jwaloka mmoko. Letsatsi leo le tlang le tla ba tjhesa ka mollo. Ha le ka ke la ba siela motso kapa lekala.


hobane matsatsing ao ho tla ba le ditlokotsi tseo ho esong ho be teng tse jwalo, ho tloha tshimolohong ya dintho tseo Modimo a di bopileng ho fihlela jwale, mme ha di sa tla ba teng hape.


Letsatsi le tla fifala, le kgwedi e tla ba kgubedu jwaloka madi, pele letsatsi le leholo la Morena, le kgethehileng, le fihla;


Ka mokgwa ona setjhaba sa Iseraele kaofela se tla pholoswa, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Molopolli o tla tswa Sione, o tla tlosa ho se tshabe Modimo ho ba leloko la Jakobo.


hobane letsatsi le leholo la kgalefo ya yona le fihlile, mme ke mang ya ka pholohang ho lona?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos