Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 30:6 - BIBELE

6 Inahaneng ke hona, le be le botse: Na monna a ka beleha ngwana? Ke hobaneng ha banna ba itshwere matheka, ba itshwere sa mosadi a kena tlung? Ke hobaneng ha fahleho tsohle di pudufetse?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 A le ke le botse, le bone, na e motona a ka beleha na? Ke bona keng matsoho a monna e mong le e mong ha a le mathekeng a hae, jwaloka hoja ke ya belehang, mme sefahleho sa e mong le e mong se hlwentse?

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 30:6
19 Referencias Cruzadas  

Tsa o bona, mme tsa hlollwa; tsa ferekana, mme tsa baleha.


Theka la ka le opa habohloko, ke tshwerwe ke mahlaba sa mosadi a kena tlung, ke kotlobane hoo ke sitwang ho utlwa, ke tshohile hoo ke sitwang ho bona.


Ka baka leo, Morena ya lopolotseng Aborahama o bua tjena ho ba lelapa la Jakobo: “Jakobo ha a sa tla hlola a hlajwa ke dihlong, fahleho sa hae ha se ka ke sa hlola se pudufala.


O tla reng ha bao o no re ke metswalle, ba o hlweswa hodimo, e eba babusi ba hao? Na ha o na ho tshwarwa ke mahlaba, o tshwarwe ke mahlaba sa mosadi a kena tlung?


Wena moahi ya phelang Lebanone, ya phelang tlung e hahilweng ka dikedare, o tla dumaela hakae ha mahlaba a o fihlela, mahlaba a kang a mosadi, mosadi a kena tlung!


Ke utlwile sello se kang sa mosadi a pepa, modumaelo o kang wa mosadi, mosadi wa letsibolana; sello sa moradi wa Sione ha a fehelwa, ha a itelela, a phakalatsa matsoho, a re: “Ka tla ka le bona! Bophelo ba ka bo matsohong a babolai!”


metse yohle e tla hapuwa, diqhobosheane le tsona di kenwe. Mohlang oo pelo tsa bahlabani ba Moabe di tla tshwana le pelo ya mosadi, mosadi a kena tlung.


Ntsu e tla solla hodimo, e ubelle, e thathalatse mapheo a yona, e a thathalatse hodima Bosera. Pelo tsa bahlabani ba Edomo, ka tsatsi leo, di tla ka pelo ya mosadi, mosadi a kena tlung.


Damaseka e se e fokola, e phekgohile, e hlanola tlhabela, tshabo le yona e se e e fihletse; bohloko bo e tshwere le mahlaba a e tshwere, mahlaba a kang a mosadi, mosadi a kena tlung.


Kgosi ya Babilona e utlwetse tsa setjhaba seo, matsoho a yona a leketlile ke ho tepella; e tshwerwe ke mahlaba a ho tlallwa, mahlaba a kang a mosadi, mosadi a kena tlung.


Baahi ba Jerusalema ba re: “Botumo ba tjhaba seo re se re bo utlwile, matsoho a rona a lepeletse ke ho fokola; ditlokotsi le tsona di se di re apere, bohloko bo tshwana le ba mosadi, mosadi a kena tlung.


Kgosi ya pudufallwa, ya tshwenyeha haholo maikutlong; letheka la yona la kgwehla, le mangwele a yona a otlana.


Mahlaba a pelehi a tla tshwara mmae, empa Efraime ke ngwana ya sethoto, o lesisitheho ho belehwa ka nako ya teng.


Ha tjhaba di le bona e ba di a tlallwa, fahleho tsohle di pudufale.


Ninife e futuhetswe, ya lobelwa, ya timetswa! Pelo di saretswe, mangwele a a tsherema, matla a fedile, fahleho tsohle di pudufetse.


Mohla batho ba reng: “Ke kgotso, ha ho kotsi,” ke mohla timelo e tla ba tsometsa jwalokaha bohloko ba pelehi bo tsometsa moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos