Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 29:3 - BIBELE

3 Lengolo le ne le rometswe ka Elasa, mora wa Shafane, le Gemareya, mora wa Hilekiya, bao Sedekiya, kgosi ya Juda, a neng a ba romme ho Nebukadenesare, kgosi ya Babilona. Lengolo leo le ne le re:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Lengolo a le neeletsa matsohong a Eleasa, mora Shafane, le Gemaria, mora Hilkia, bao Tsedekia, morena wa Juda, a neng a ba romela Babilona, ho morena wa Babilona; le ne le re:

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 29:3
11 Referencias Cruzadas  

Yare hoba ba bitse kgosi, ha tla ho bona Eliakime, mora wa Hilekiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la kgosi, le Shebena, eo e neng e le mongodi wa lekgotla, le Jowa, mora wa Asafo, eo e neng e le mongodi wa diketsahalo.


Kgosi ya laela moprista Hilekiya, le Ahikama, mora wa Shafane, le Akabore, mora wa Mmikiya, le Shafane eo e neng e le mongodi, le Asaya, mohlanka wa kgosi, ya re:


Yaba Hilekiya, Moprista e Moholo, o re ho Shafane, eo e neng e le mongodi: “Ke fumane Buka ya Molao ka Tempeleng ya Morena.” Hilekiya a nea Shafane buka eo, mme Shafane a e bala.


Asariya a tswala Helese, Helese a tswala Eleasa,


Shalome a tswala Hilekiya, Hilekiya a tswala Asariya,


ya laela Hilekiya, le Ahikama, mora wa Shafane, le Abadone, mora wa Mmika, le Shafane eo e neng e le mongodi, le Asaya, mohlanka wa kgosi, ya re:


Kgosi Jehoyakime a roma banna Egepeta, e leng Elenathane, mora wa Akabore, le banna ba bang ba neng ba mo tsamaisa tsela ho ya Egepeta.


Leha ho le jwalo Ahikama, mora wa Shafane, a buella Jeremia hore a se ke a neelwa setjhaba hore se mmolaye.


Elenathane le Delaya le Gemariya ba ne ba ile ba rapela kgosi hore e se ke ya tjhesa buka, empa kgosi ya se ke ya ba mamela.


ba laela hore ho ntshwe Jeremia ka lebaleng la tjhankana, ba neelane ka yena ho Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore a ye le yena lapeng ha hae. Jeremia a nna a phela hara setjhaba sa habo.


Kapele ho tsona ho ne ho eme baholo ba ntlo ya Iseraele ba mashome a supileng, mme Jaasaneya, mora wa Shafane, a eme hara bona, e mong le e mong wa bona a tshwere pitsana ya mokubetso, ho foqoha mosi wa mokubetso o entse leru.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos