Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 29:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Lengolo a le neeletsa matsohong a Eleasa, mora Shafane, le Gemaria, mora Hilkia, bao Tsedekia, morena wa Juda, a neng a ba romela Babilona, ho morena wa Babilona; le ne le re:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Lengolo le ne le rometswe ka Elasa, mora wa Shafane, le Gemareya, mora wa Hilekiya, bao Sedekiya, kgosi ya Juda, a neng a ba romme ho Nebukadenesare, kgosi ya Babilona. Lengolo leo le ne le re:

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 29:3
11 Referencias Cruzadas  

Ba howeletsa morena; yaba ho tswela ho bona Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna, mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso.


Morena a laela moprista Hilkia, le Akikame, mora Shafane, le Akbore, mora Mikea, le Shafane, mongodi, le Asaia, mohlanka wa morena, a re:


Yaba Hilkia, moprista e moholo, o re ho Shafane, mongodi: Ke fumane buka ya molao ka tlung ya Jehova. Hilkia a nea Shafane buka, mme a e bala.


Asaria a tswala Haletse, Haletse a tswala Elasa,


Shallume a tswala Hilkia, Hilkia a tswala Asaria,


mme morena a laela Hilkia, le Akikame, mora Shafane, le Abdone, mora Mikea, le Shafane, mongodi, le Asaia mohlanka wa morena,


Yaba morena Jojakime o romela batho Egepeta, a roma Elnathane, mora Akbore, a ena le ba bang ho ya Egepeta.


Empa letsoho la Akikame, mora Shafane, la emela Jeremia, hore a se ke a neelwa matsohong a setjhaba ho bolawa.


Empa Elnathane, le Delaia, le Gemaria, ba ne ba rapetse morena hore a se ke a tjhesa maqephe a lengolo: a mpa a sa ka a ba utlwa.


ba romela ho ntsha Jeremia lebaleng la ntlo ya teronko, ba mmea ho Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, a tle a mo nkele ha hae. Mme Jeremia a nna a sala hara setjhaba.


Hape, ho le banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba ntlo ya Iseraele; hara bona ho eme Jaasania, mora Shafane; ba eme pela tsona, e mong le e mong a ena le pitsa ya hae ya dibano ka letsohong la hae, mme mosi wa leru la dibano wa thukgubela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos