Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 28:5 - BIBELE

5 Jwale moporofeta Jeremia, moo baprista le setjhaba sohle se neng se eme ka Tempeleng ya Morena se ntseng se le teng, a araba moporofeta Hananiya.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba moporofeta Jeremia o fetola Hanania moporofeta, pontsheng ya baprista le pontsheng ya setjhaba kaofela se emeng ka tlung ya Jehova;

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 28:5
5 Referencias Cruzadas  

Bara ba Pedaya ke Serubabele, le Shimei. Bara ba Serubabele ke Meshulame, le Hananiya; kgaitsedi ya bona ke Shelomite.


Yaba Jeremia o kgutla Tofete, moo Morena a neng a mo rometse teng ho ya porofeta. A fihla a ema lebaleng la Tempele ya Morena, a re ho setjhaba sohle:


“Morena o bua tjena: Ema lebaleng la Tempele ya Morena, o bue ho bohle ba metse ya Juda, ba tlang ho tla rapella ka Tempeleng ya Morena. Ba bolelle mantswe wohle ao ke o laelang hore o ba bolelle wona, mme o se ke wa siya lentswe leha le le leng feela.


Ka kgwedi ya bohlano ya selemo sa bone sa ho qaleha ha puso ya Sedekiya, kgosi ya Juda, ka sona selemo seo, Hananiya, mora wa moporofeta Asure, ya neng a etswa Gibeone, a bua ho nna re le ka Tempeleng ya Morena, moo ho leng teng baprista le setjhaba sohle, a re:


“Ema monyako wa Tempele ya Morena, o phatlalatse lentswe lena o le hona teng, o re: ‘Mamelang lentswe la Morena, lona bohle ba morabe wa Juda, ba kenang ka monyako ona ho tla kgumamela Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos