Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 19:9 - BIBELE

9 Ke tla etsa hore ba je nama ya bara le baradi ba bona, motho ka mong a je nama ya setopo sa motswalle wa hae nakong ena ya tsietsi, eo ka yona dira tsa bona, tse batlang ho ba bolaya, di tla be di ba etseditse thibella.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ke tla ba jesa nama ya bara ba bona le nama ya baradi ba bona; e mong o tla ja nama ya motswalle wa hae tsietsing le patisong eo ba tla patiswa ka yona ke bao e leng dira ho bona le ke ba batlang bophelo ba bona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 19:9
10 Referencias Cruzadas  

Ka letsatsi la borobong la kgwedi ya bone selemong sona seo, tlala e ne e se e le kgolo hara motse, hoo setjhaba sa naha eo se neng se se se hloka le thathana ya bohobe feela.


Ba ja tse ka tsohong le letona, empa ha ba ke be ba kgore, ba je tse ka ho le letshehadi, le teng ba se ke be ba kgotsofale, motho ka mong a je nama ya tsoho la hae.


Ke tla ba thulanya ka dihlooho, esita le bo-ntata le bara ba bona,’ ho rialo Morena. ‘Ha ke na ho ba le kutlwelobohloko, kapa lereko; ke tla ba timetsa!’ ”


“Monga ka, kgosi ya ka, banna bana ba etseditse moporofeta Jeremia bokgopo ka ho mo lahlela ka mokoting; a ka nna a shwela kamoo ka mokoting ke tlala, hobane ha ho sa na dijo motseng mona.”


“Oho, Morena, bona, ako inahane: Eo o kila mo etsa tjee ke mang? Na basadi ba lokela ho ja masea a bona, ba je bana bao ba ba hodisitseng? Na moprista le moporofeta ba lokela ho bolawa, ba bolaelwa ka Sehalalelong, Halalelong sa Morena?


Basadi ba nang le motlopotlo wa ho tswala, ka matsoho a bona ba apeha bana ba bona; ba ba apeha, ya eba dijo tsa bona, nakong ya ha tjhaba sa heso se timetswa.


Bo-ntata ba ahileng Jerusalema ba tla ja bara ba bona, mme bara le bona ba je bo-ntata bona. Ke tla phethahatsa kahlolo ya ka hodima hao, mme masalla a hao ke a qhalanyetse hohle lefatsheng.


Le tla ja nama ya bara le baradi ba lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos