O tla le thuakanya sa pitsa ya letsopa e pshatleha makumane, a thuakanye a sa qenehele letho, hoo ho ke keng ha sala le lengetana la ho okga mollo, kapa lona la ho kga metsi, ho a kga ka sedibeng.”
Ka baka leo, bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla romella barokolli ba dinkgo, mme bona ba tla e rokollela fatshe; dinkgo tsa yona ba tla di tsholla, mepotjwana ya bona yona ba e pshatlake.
Hodima matlo wohle a Moabe, le hara diterata tsohle tsa yona, ha ho letho, haese dillo feela, hobane Moabe ke e pshatlile, ka e pshatla sa mopotjwana o seng o sa natswe ke motho,” ho rialo Morena.