Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 17:18 - BIBELE

18 Bahlorisi ba ka ba ke ba hlabiswe dihlong, nna ke se ke ka hlabiswa dihlong; etsa hore bona ba tshohe haholo, nna ke se ke be ka tshoswa ke letho. Ako ba tlisetse tsatsi la ditlokotsi, timetso ya bona o e phethahatse habedi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ba ntlhorisang ba ke ba hlabiswe dihlong, empa nna ke se ke ka hlabiswa dihlong, ba ke ba tlakasele, empa nna ke se ke ka tlakasela. Ako ba hlahisetse tsatsi le lebe, o ba hatakele ka ho hatakela habedi.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 17:18
21 Referencias Cruzadas  

O ntlhaba a sa tswa ntlhaba, o nkgorohela jwaloka seqhobane.


Bao ba batlang bophelo ba ka, ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tlontlolohe; bao ba ntherelang bobe, ba ke ba tjhetjhe, ba ferekane.


Tlokotsi e ke e ba wele hodimo, e ba wele ka tsometso; ba ke ba tshwaswe ke leraba leo ba le tjhehileng, ba wele lemeneng leo ba le tjhekileng.


Ako kgahlwe ho nnamolela, Morena; Morena, phakisa o nthuse.


Oho, Modimo, ako ntopolle; oho, Morena, ako potlakele ho nthusa.


Ke tshabela ho wena Morena, ke tle ke se ke ka hlajwa ke dihlong ka hlajwa ke dihlong le ka mohla.


“Ka baka leo, wena itlame letheka, o eme, o bue le tjhaba seo, o se bolelle tsohle tseo ke o laelang tsona. O se ke wa tshaba ha o se bona, esere ka o tshosa o le kapela sona.


Empa wena Morena wa mabotho, wena ya ahlolang ka toka, wena ya lekolang pelo le kelello, a nke ke bone phetetso ya hao hodima bona, nna ke beile nyewe ya ka kapele ho wena.


Wena Morena, o ntseba hantle, o a mpona, o lekola menahano ya ka mabapa le wena. Ba hule sa nku e iswa tlhabong! Wena o ba beele kathoko, bakeng sa tsatsi la tlhabo ba beele kathoko.


“Ka baka leo, o tlo se bolelle mantswe ana: “ ‘Mahlo a ka a ke a keleketle dikeledi, di keleketle bosiu le motsheare, di keleketle di se ke tsa kgaotsa, hoba moradi wa morwetsana, e leng tjhaba sa ka, o qhemeditswe, a etswa ditsekana, maqeba a hae ha a ka ke a fola.


Ke tla ba otlela bokgopo ba bona le dibe tsa bona habedi, hobane ba silafaditse naha ena ya ka, ba e tlatsa dikoqo tse omeletseng tsa medimo ya bona ya bohata, e nyonyehang.”


Oho, wena Morena, tshepo ya Iseraele, bohle ba o furallang ba tla tlontlollwa, bohle ba o furallang ba tla timela, hoba ba furaletse Morena, diba sa metsi a bophelo.


Nna ha ke a kgaotsa ho ba modisa ya o salang morao, ha ke eso labalabele tsatsi la ditsietsi, polelo tsa ka le wena o a di tseba.


Morena o ile a bua tjena ho nna: “Tsamaya, o yo ema kgorong eo batho ba kenang ka yona, moo dikgosi tsa Juda di kenang di bileng di tswang le teng; o eme le dikgorong tsohle tsa Jerusalema.


Empa Morena o na le nna, o matla, o a tshabeha, kahoo bahlorisi ba ka ba tla kgothometseha. Ha ba ka ke ba ba ba hlola, ba tla hlajwa ke dihlong haholo, merero ya bona e ke ke be ya atleha, le dihlong tsa bona di ke ke be tsa lebalwa.


Ako hlohonolofatse maruo a hae, Morena, mesebetsi ya hae o e amohele o nyakaletse. Kgahlola diholoholo tsa bamohloi, dira tsa hae di se hlole di ema hape.’


E etseng jwalokaha le yona e le entse; le e buseletse habedi ho ya ka mesebetsi ya yona. E qhatsetseng habedi senwelong seo e le qhatseditseng ho sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos