Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 17:19 - BIBELE

19 Morena o ile a bua tjena ho nna: “Tsamaya, o yo ema kgorong eo batho ba kenang ka yona, moo dikgosi tsa Juda di kenang di bileng di tswang le teng; o eme le dikgorong tsohle tsa Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Jehova a ba a mpolella, a re: Eya, o eme monyako wa bana ba setjhaba, oo marena a Juda a kenang ka wona le ho tswa ka wona; o eme le menyakong yohle ya Jerusalema;

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 17:19
11 Referencias Cruzadas  

Na ebe bohlale ha bo howe? Kutlwisiso yona ha e phahamise ntswe la yona?


Bo romme makgabunyane a bona ho ya howa a le qhoweng ya motse:


Bahlorisi ba ka ba ke ba hlabiswe dihlong, nna ke se ke ka hlabiswa dihlong; etsa hore bona ba tshohe haholo, nna ke se ke be ka tshoswa ke letho. Ako ba tlisetse tsatsi la ditlokotsi, timetso ya bona o e phethahatse habedi.


O re ho bona: ‘Utlwang lentswe la Morena, lona dikgosi tsa Juda, le lona bohle ba morabe wa Juda, le lona baahi bohle ba Jerusalema, lona ba kenang ka dikgoro tsena.


O theohele ka Kgohlong ya Mora wa Hinome, e pela Monyako wa Mangetana. Ha o fihla teng o phatlalatse mantswe ana, ao ke tla o bolella wona,


“Morena o bua tjena: Ema lebaleng la Tempele ya Morena, o bue ho bohle ba metse ya Juda, ba tlang ho tla rapella ka Tempeleng ya Morena. Ba bolelle mantswe wohle ao ke o laelang hore o ba bolelle wona, mme o se ke wa siya lentswe leha le le leng feela.


Yaba Baruke o bala mantswe a Jeremia bukeng eo, yena a le ka Tempeleng ya Morena, ka kamoreng ya Gemariya, mora wa Shafane, eo e neng e le mongodi wa puso. Kamore ena e ne e le lebaleng le kahodimo, kgorong ya Monyako o Motjha wa Tempele ya Morena. A a bala moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa.


ka baka leo, wena tsamaya, o yo bala ditaba tseo o di ngotseng bukeng di etswa molomong wa ka, e leng mantswe a Morena; o di balle ka Tempeleng ya Morena, moo setjhaba se ntseng se utlwa, mohla letsatsi la ho itima dijo. O be o di balle le bohle ba morabe wa Juda ba tswang metseng ya bona.


“Ema monyako wa Tempele ya Morena, o phatlalatse lentswe lena o le hona teng, o re: ‘Mamelang lentswe la Morena, lona bohle ba morabe wa Juda, ba kenang ka monyako ona ho tla kgumamela Morena.


“Eyang, le eme ka Tempeleng, mme le bolelle setjhaba ditaba tsohle tsa bophelo bona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos