Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 15:6 - BIBELE

6 Ke furaletswe ke wena, wa nna tjhetjha ka santhao,” ho rialo Morena. “Ke tla o tshwara ka letsoho la ka ke o timetse, ke se ke kgathetse ke ho o hauhela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 O ntlohetse, ho bolela Jehova, o kgutlile kasanthao; ka baka leo, ke otlolotse letsoho la ka hodima hao, ke tle ke o fedise; ke se ke kgathetse ke ho rekolohela.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 15:6
28 Referencias Cruzadas  

Jo! tjhaba sa baetsadibe se tletseng bokgopo! Tloholo tsa ba kgopo, bana ba bodileng! Ba furaletse Morena, ba nyedisitse Ya Halalelang wa Iseraele, ba fela ba mo furaletse.


Ka baka leo ntswe la Morena e tla ba lena ho bona: Molao hodima molao, molao hodima molao, taelo hodima taelo, taelo hodima taelo; hanyenyane mona, hanyenyane mane, etlere ha ba tsamaya ba we ka sanketse, ba robehe, ba tshwaswe, ba thopuwe.


Baegepeta ke batho ba nama, hase modimo, pere tsa bona ke tsa nama, hase tsa moya. Ha Morena a otlolla tsoho la hae, ya thusetsang o a kgothometseha, ya thusetswang ebe yena o a wa, bobedi ba bona ebe ba a timela.


Tjhaba seo sa ka ke tla se ahlola, ke se ahlolele bokgopo ba ho mphuralla, ba ho etsa mahlabelo, ho a etsetsa medimo esele, ho kgumamela medimo e entsweng ka matsoho a sona.


Ke tla ba thulanya ka dihlooho, esita le bo-ntata le bara ba bona,’ ho rialo Morena. ‘Ha ke na ho ba le kutlwelobohloko, kapa lereko; ke tla ba timetsa!’ ”


“Tjhaba sa ka se entse dibe di le pedi: Se furaletse nna, diba sa metsi a phoroselang, sa itjhekela diqanthana tseo e leng tsa sona, qanthana tseo metsi a ke keng a ema ka ho tsona.”


Na hase wena ya ipileditseng hoo ka ho furalla Morena, Modimo wa hao, nakong ya ha a ne a o tsamaisa tseleng?


Bokgopo ba hao ke bona bo tla o otla, ho mphuralla ha hao hona ho o kgaleme. Imamele ke hona o ele hloko kamoo o babelwang ke bokgopo ba hao, ha o furalla Morena, Modimo wa hao, o bile o so sa ntshabe le ho ntshaba,” ho rialo Morena, Modimo wa mabotho.


Ha ke re: “Ha ke sa tla hlola ke bua ka Morena, ha ke sa tla hlola ke bolela bitso la hae,” ka pelong ya ka ntswe la hae ke malakabe, ke mollo o tukang kahara masapo a ka, ke se ke kgathetse ke ho hlola ke o bipile, ho o mamella le hona ho a ntshita.


Eitse ha Morena a se a sitwa ho mamella diketso tsa lona tse kgopo le manyala ao le a entseng, yaba naha ya lona e fetoha nanaola le sesomo, ya rohakeha, ya hloka baahi jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Le nna ke bipeditswe ke kgalefo ya Morena, ke se ke kgathetse ke ho e thibela. “E hlatsetse hodima bana, bana bana ba diterateng, hodima bahlankana, bahlankana bana ba kgobokaneng; monna le mosadi ba tla thoptjwa bobedi, ho thopuwe raputswe le ya seng a kgokgoba.


Matlo a bona a tla abelwa basele, ho ajwe masimo, le basadi ba bona ka ho tshwana, ha ke otlollela tsoho la ka ho baahi ba naha ena,” ho rialo Morena.


Wena lefatshe mamela! Tjhaba sena ke se tlisetsa koduwa, e leng tholwana ya merero ya sona, hoba ha se a mamela mantswe a ka, le molao wa ka se o lahlile.


“Ka baka leo, wena Jeremia, o se ke wa rapella setjhaba sena; o se ke wa ipiletsa ho nna ka lebitso la sona, kapa wa se rapella. O se ke wa se etsetsa thapedi, hobane ha ke na ho o mamela.


Empa ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe tsa bona feela; ba nnile ba latela mehopolo ya bona le ditakatso tsa dipelo tsa bona tse manganga, tse kgopo, ba kgutlela morao, ba se ke ba ya pele.


Ke ka baka lang ha tjhaba see se kgelohile? Keng ha baahi ba Jerusalema ba kgeloha kamehla? Ba kgomaretse leshano, ba hana ho kgutla mekgweng ya bona.


Bahlalefi, dihlong di ba hlabile, ba tsielehile, ba feletswe ke meelelo. Lentswe la Morena ba le lahlile; ebe jwale ba na le bohlale bofe?


“ ‘Haeba moporofeta a ka thetswa hore a porofete, ke hobane ke nna Morena ya thetsitseng moporofeta eo, mme ke tla otlollela letsoho la ka hodima hae, ke mo timetse setjhabeng sa ka sa Iseraele.


ka baka leo, ke tla otlollela letsoho la ka hodima lona, ke neelane ka lona ho baditjhaba. Ke tla le ripitla hore le se hlole le eba setjhaba hara ditjhaba tse ding le hore le se hlole le eba le naha, ke le timetse le tle le tsebe hore ke nna Morena.’ ”


Ere ho yona: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Ke o halefetse, wena Thaba ya Seire, ke tla otlolla tsoho la ka, ke le otlollele hodima hao, ke o fetole nanaola le lefella.


Tjhaba sa ka se itheretse ho mphuralla; leha se ka ipiletsa ho Ya Hodimodimo, ha a ka ke a ba a se hlomamisa hape.


“Na nka ba phemisa, ka ba phemisa Nqalo ya Bafu? Na nka ba lopolla tleneng tse lefu? wena lefu, lokisa mahloko a hao! Wena lebitla, tjhorisa motsu wa hao! Ha ke na ho ba le kutlwelobohloko!


Baiseraele ba manganga sa kgomo ya sethole, na ebe Morena a ka ba alosa, a ba katla sa dikonyana phuleng?


“Ke tla otlolla tsoho la ka, ke le otlollele hodima Juda, ke le otlollele le hodima Jerusalema. Masalla wohle a Baale ke tla a fedisa, ke a fedise sebakeng sena, le baprista ba bohata ke ba fedise;


“Empa setjhaba se ile sa hana ho mmamela; sa eba manganga; sa ithiba ditsebe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos