Jeremia 15:5 - BIBELE5 “O tla utlwelwa bohloko ke mang, wena Jerusalema? O tla llelwa ke mang, wena Jerusalema? O tla fapohelwa ke mang ho o botsa bophelo? Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)5 Hobane ke mang ya ka o hauhelang, Jerusalema, kapa ke mang ya ka o utlwelang bohloko, kapa ke mang ya ka fapohelang ho ya botsa kamoo o ntseng o phela kateng? Ver Capítulo |
Hamorao,’ ho rialo Morena, ‘ke tla neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, le ka bahlanka ba hae, le ka setjhaba sa hae, le ka masalla a sa bolawang ke lefu la sewa, le ka ba sa bolawang ka sabole, le ka ba sa bolawang ke sekoboto; ke tla neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a dira tsa bona, le matsohong a ba batlang ho ba bolaya. Nebukadenesare o tla ba bolaya ka sabole. A ke ke a ba qenehela, leha e le ho ba utlwela bohloko, kapa ho ba hauhela.’