Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 11:13 - BIBELE

13 Palo ya medimo ya lona, lona baahi ba Juda, e kaalo ka palo ya metse ya lona; le palo ya dialetare tseo le di hahetseng ntho e hlabisang dihlong ena, e kaalo ka palo ya diterata tsa Jerusalema, e leng dialetare tseo ho tsona le tjhesetsang Baale mokubetso.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hobane wena Juda, palo ya medimo ya hao e ka ka ya metse ya hao; palo ya dialetare tse dihlong, e leng dialetare tsa ho tjhesetsa Baale dibano, e lekana palo ya diterata tsa Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 11:13
24 Referencias Cruzadas  

Dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tse neng di le pela Jerusalema, ka letsohong le letona ho Thaba ya Tshenyeho, tseo Solomone, kgosi ya Iseraele, a neng a di hahetse Asetarote, manyala a Basidone; le Kemoshe, manyala a Bamoabe; le Milekome, manyala a bana ba Amone; tsena tsohle ya di silafatsa.


Metseng yohle ya naha ya Juda a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, hore ho tjhesetswe medimo ena mokubetso ho tsona, mme ka hona a halefisa Morena Modimo wa bo-ntatae.


Naha ya sona e tletse medimo ya bohata, se kgumamela mesebetsi ya matsoho a sona, mesebetsi e bopilweng ke menwana ya sona.


Morena wa mabotho, yena ya ileng a o etsa, o se a o lokiseditse koduwa, hobane ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda ba entse bobe ka ho tjhesetsa Baale mokubetso, mme ba mphephetsa hore ke halefe.


“Sebe sa Bajuda se ngotswe ka pene ya tshepe, sa ngolwa pelong tsa bona, sa ngolwa ka daemane e le ntjhotjho, sa ngolwa le manakeng a dialetare tsa bona.


Empa tjhaba sa ka se ile sa ntebala, sa tjhesa mokubetso, sa o tjhesetsa medimo ya bohata; medimo ena e entse hore se be se kgoptjwe, se kgoptjwe ha se tsamaya tseleng tsa sona, ha se tsamaya tseleng tsa boholoholo; ya se hlahlathedisa tseleng tse kathoko, tse sa batallang, tse tletseng makukuno.


Ke hobane ba mphuraletse, ba silafaditse sebaka sena, ba tjhesetsa mokubetso ho sona, ba o tjhesetsa medimo esele, eo bona le bo-ntata bona, kapa dikgosi tsa Juda, ba sa kang ba e tseba, mme sebaka sena ba se tlatsa madi a se nang molato.


Ba hahetse Baale dibaka tsa borapedi, hore ba tjhesetse bara ba bona ho tsona, ba etsetse Baale nyehelo ya setjheso, e leng ntho eo ke sa kang ka ba laela yona, kapa ka e bua, kapa ka e nahana.


“E kae jwale medimo ya lona, medimo ya maiketsetso? A e ke e tle haeba e tseba ho le pholosa nakong ena ya lona ya ditsietsi! Palo ya metse ya hao, wena Juda, e lekana le palo ya medimo ya hao.


Ho tloha botjheng ba rona bo-Baale ba jele, ba eja tse sebeditsweng ka thata ke bo-ntata rona: Mehlape ya dikgutshwane le mehlape ya dikgomo, bara ba bona le baradi ba bona.


A re paqameng fatshe ka dihlong tsa rona, sekgobo sa rona se re aparele, hoba re sitetswe Morena, Modimo wa rona, rona mmoho le bo-ntata rona; ho tloha botjheng ba rona ho fihlela kajeno, ha re a ka ra mamela Morena, Modimo wa rona.”


Hape ba ile ba hahela Baale dibaka tsa borapedi ka Kgohlong ya Mora wa Hinome, moo ba tla etsetsa Moloke sehlabelo sa setjheso ka bara le baradi ba bona, e leng ntho eo ke sa kang ka ba laela yona, kapa hona ho e nahana, ya ho etsa manyala ana, hore Bajuda ba etse sebe.”


“Ha ke re mokubetso oo lona le bo-ntata lona, le mahosana a lona, le setjhaba sohle sa naha, oo le ileng la o tjhesetsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ke wona oo Morena a ileng a o hopola, mme a o nahana?


Empa ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha ditsebe tsa bona, hore ba furalle bokgopo boo ba bona, ba ho tjhesetsa medimo esele mokubetso.


Ba etsetsang dinyehelo dibakeng tsa borapedi, le ba tjhesetsang medimo ya bona mokubetso, ke tla ba thibela ho etsa jwalo naheng ya Moabe,” ho rialo Morena.


Na le tla utswa, le bolaye, le febe, le hlapanye ka leshano, le tjhesetse Baale mokubetso, le kgumamele medimo esele, eo le sa e tsebeng;


o ile wa ikgahela dibaka tsa borapedi mabaleng wohle.


Iseraele ke morara o holang haholo; ha tholwana tsa hae di ntse di eketseha, dialetare tsa hae le tsona di a eketseha. Ha mobu wa hae o atlehisa dijalo, le yena o ntlafatsa difika, fika tse kgumamelwang.


Na bokgopo bo teng Gileade? Batho ba teng ke mafeelafeelane! Ba etsa mahlabelo ka dipohwana, ba a etse Gilegale, dialetare tsa bona di tla heletswa, di ke mekolokotwane hara masimo.


“Ha ke ne ke qala ho fumana Iseraele, o ne a ka morara o metseng hara lehwatata; ha ke qala ho bona baholoholo ba lona, ba ne ba ka feiye ya dilopotsiya. Empa hoba ba fihle Baale-Peore, ba ineella modingwana o hlabisang dihlong, ba nyonyeha sa manyala ao ba a ratang!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos