Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 11:12 - BIBELE

12 Ba metse ya Juda le baahi ba Jerusalema ba tla ya ba ipiletse ho medimo ya bona, eo ba e tjhesetsang mekubetso, empa medimo eo e ke ke ya ba pholosa ho hang, ha koduwa e ba wela hodimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Esita le metse ya Juda le baahi ba Jerusalema, ba tla ya, ba howeletse ho medimo eo ba e tjhesetsang dibano, empa e ke ke ya ba thusa letho tsatsing la tsietsi ya bona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 11:12
10 Referencias Cruzadas  

Ka nako ya ditsietsi tsena tsa hae, yena kgosi Akase eo a sitelwa Morena le ho feta.


“Kgobokanang, le tle, le atameleng mmoho, lona ba phonyohileng ho baditjhaba, dithoto ting! le tsamayang le jere, le jere medimo ya bohata, ya lehong, lona ba rapelang medimo e ke keng ya le pholosa.


Ba a se nka, ba se jare ka mahetla a bona, ba se bee tulong tsa sona, se eme teng; moo se emeng teng se ke ke sa sisinyeha. Leha motho a ka ipiletsa ho sona ha se mo arabe, leha e le hona ho mo pholosa tsietseng ya hae.


Empa tjhaba sa ka se ile sa ntebala, sa tjhesa mokubetso, sa o tjhesetsa medimo ya bohata; medimo ena e entse hore se be se kgoptjwe, se kgoptjwe ha se tsamaya tseleng tsa sona, ha se tsamaya tseleng tsa boholoholo; ya se hlahlathedisa tseleng tse kathoko, tse sa batallang, tse tletseng makukuno.


“E kae jwale medimo ya lona, medimo ya maiketsetso? A e ke e tle haeba e tseba ho le pholosa nakong ena ya lona ya ditsietsi! Palo ya metse ya hao, wena Juda, e lekana le palo ya medimo ya hao.


Keng ha le nkgalefisa ka mesebetsi eo le e etsang ya ho tjhesetsa medimo esele mokubetso naheng ee ya Egepeta eo le tlileng ho jaka ho yona, hore le tle le timetswe, le rohakehe, le nyedisehe hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe?


O tla botsa: ‘E kae medimo ela ya bona, “lefika” leo ba tshabetseng ho lona;


medimo e jeleng mafura a mahlabelo a lona, e nweleng veine ya dinyehelo tsa lona? Medimo eo a e tsohe e le thusetse, medimo ya lona e le sireletse.


Tsamayang le yo llela ho medimo eo, eo le e kgethileng; a e ke e le lopolle nakong ena ya tsietsi ya lona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos