Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 1:8 - BIBELE

8 hobane ke motho ya sa tsebeng moo a emeng teng, ya sa tsitsang ditseleng tsohle tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ke motho ya pelo tse pedi, ya dikadikang metsamaong ya hae yohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Motho wa menahano e mmedi o a tsitsipana ditseleng tsohle tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Motho wa menahano e mmedi o a tsitsipana ditseleng tsohle tsa hae.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 1:8
13 Referencias Cruzadas  

Elia a fihla ho setjhaba sohle, a re ho sona: “Le tla ba bo-temepedi ho fihlela neng? Haeba Morena ke yena Modimo, mo sebeletseng; le teng haeba Baale ke yena Modimo, sebeletsang yena.” Empa setjhaba sa kgutsa tu!


Ba ne ba hlompha Morena, empa ba ntse ba sebeletsa medimo eo ya bona, jwalokaha ba ne ba ntse ba e sebeletsa dinaheng tseo ba tswang ho tsona.


Ditjhaba tsena di ne di hlompha Morena, empa tsona, le bana ba tsona, le ditloholo tsa tsona, tsa nna tsa sebeletsa le medimo ya tsona ya ditshwantsho tse betlilweng. Jwalokaha bo-ntata tsona ba ne ba etsa, le tsona di ntse di etsa jwalo le kajeno-ya-bokajeno.


Ke hloile bo-temepedi, ke rata Molao wa hao.


Yaba Morena o a bua, o re: “Tjhaba sena se bua le nna ka melomo feela, se ntlhompha ka melomo ya sona feela, empa pelo tsa sona tsona di hole le nna; se ntshaba ho ya ka ditaelo tsa batho, ditaelo tseo se di rutilweng ke batho.


Pelo tsa Baiseraele di tletse mano, kahoo ba fumantshwa kotlo ya bona. Modimo o tla heletsa dialetare tsa bona, a dihe difika tsa medingwana bona.


“Leihlo ke lebone la mmele. Haeba leihlo la hao le hloka sepha, mmele wohle wa hao o tla ba leseding,


“Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.”


Motho ya jwalo a se ke a lekanya hore o tla fuwa letho ke Morena,


Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona. Lona baetsadibe, hlatswang matsoho a lona; lona ba qeaqeang, hlwekisang dipelo tsa lona.


Mahlo a bona a tsoma bofebe kamehla, ba lakatsa sebe hoyahoile, ba tshwasa ba fokolang, dipelo tsa bona di tletse meharo. Ke batho ba rohakehileng.


Mangolong wohle a hae, a amanang le ditaba tsena, o bua jwalo. Ho wona ho teng tse thata ho utlwisiswa, tseo ba sa rutehang le ba fokolang dikelellong ba di sothang, jwalokaha ba etsa Mangolong a mang, mme ba ye timelong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos