Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 1:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ke motho ya pelo tse pedi, ya dikadikang metsamaong ya hae yohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 hobane ke motho ya sa tsebeng moo a emeng teng, ya sa tsitsang ditseleng tsohle tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Motho wa menahano e mmedi o a tsitsipana ditseleng tsohle tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Motho wa menahano e mmedi o a tsitsipana ditseleng tsohle tsa hae.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 1:8
13 Referencias Cruzadas  

Elia a atamela pela setjhaba sohle, a re: Le tla tenyetsehela ho le hokae ka nqa tse pedi? Ha Jehova e le Modimo, mo lateleng; ha eba ke Baale, mo lateleng. Empa setjhaba ha se a ka sa mo araba letho.


Ba tshaba Jehova jwalo, ba sebeletsa le medimo ya bona ka mokgwa wa ditjhaba tseo ba neng ba tlositswe hara tsona.


Haele ditjhaba tseo, tsa tshaba Jehova jwalo, tsa mpa tsa sebeletsa le ditshwantsho tsa bona; le bana ba bona le ditloholo tsa bona ba ntse ba etsa le kajeno jwalokaha ho nnile ha etsa bontata bona.


SAMEK. Ke hloile mehopolo e dikadikang, empa ke rata molao wa hao.


Morena o itse: Erekaha setjhaba sena se ikatametsa ho nna ka molomo, se ntlhonepha ka melomo, athe pelo ya sona e hole le nna, le tshabo eo ba ntshabang ka yona e le molao feela wa batho, oo ba o rutilweng,


Pelo tsa bona di mano; jwale, ba tla kgalemelwa. Modimo o tla qhebolla dialetare tsa bona, o fedise ditshwantsho tsa bona.


Lebone la mmele ke leihlo; ka baka leo, ha leihlo la hao le lokile, mmele wohle wa hao o tla ba le lesedi.


Ha ho motho ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi: hobane kapa o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.


Ya jwalo a se ka a tshepa hobane a ka newa letho ke Morena.


Atamelang Modimo, mme o tla le atamela. Baetsadibe, hatlelang, mme lona ba pelo di pedi, hlatswang dipelo tsa lona.


Mahlo a bona a tletse bofebe le sebe se sa phetseng, ba tjheha meya e dikadikang; ba na le dipelo tse hlalefetseng ho batla leruo; ke ba rohakilweng.


jwalokaha a ngola mangolong a hae wohle, moo a bolelang tse jwalo; empa ho wona ho na le ditaba tse ding tse thata, tseo ba sa rutehang le ba tetemang ba di kgopamisetsang tahleho ya bona, jwalokaha ba etsa mangolo a mang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos