Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 1:26 - BIBELE

26 Ha motho a nahana hore ke morapedi, feela a sa tshware leleme la hae, a ithetsa, borapedi boo ba hae ke ba lefeela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ekare ha e mong hara lona a lekanya hoba o na le borapedi, mme a sa tlame leleme la hae, a mpa a ithetsa pelo, borapedi ba motho eo ke ba lefeela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Ekare ha e mong hara lona a ipona eka ke modumedi, mme a sa laole leleme la hae, a ithetsa, borapedi ba motho eo ke lefeela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Ekare ha e mong hara lona a ipona eka ke modumedi, mme a sa laole leleme la hae, a ithetsa, borapedi ba motho eo ke lefeela.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 1:26
37 Referencias Cruzadas  

hoo o hlatsetsang kgalefo ya hao ho Modimo, o buang puo tse tjee, ka molomo wa hao?


Kahoba Modimo a mphokodisitse, a ntshotlile, ha ba sa itshwara leha ba le pela ka.


Morena, ako bee molebedi, o mmee molomong wa ka, o dise monyako wa molomo wa ka;


O se ke wa tshwana le pere kapa mmeile, tsona di hlokang kelello, di thapiswang ka tomo le marapo; ho seng jwalo o ke ke wa di laola.


Ke mang wa lona ya lakatsang ho phela, ya ratang ho bona matsatsi a thabo?


Ya buang haholo sebe se teng polelong tsa hae, ya sa buabueng yena ke motho ya bohlale.


Molomong wa ya lokileng ho tswa bohlale, leme le kgopameng le tla pongwa.


Tsela e teng e bonahalang e lokile ho monga yona, empa e qetella ka ho isa lefung.


Leme la ya bohlale le ratisa batho tsebo, empa molomo wa sethoto o kopotsa bothoto.


Diqeto tsa kgosi di tswa ho Modimo, ha e ahlola e ahlola ka toka.


Tsela e teng e bonahalang e lokile ho monga yona, empa e qetella ka ho isa lefung.


Ho molemo ho ba mofutsana ya hlokang kodi, ho ena le ho ba sethoto se buang leshano.


se qeta letsatsi se lakatsa, se sa fumane, empa ya lokileng o fana a sa kganane.


Kgaotsang ho ntlisetsa nyehelo tse se nang thuso; mekubetso ya lona ke manyala ho nna, mekete ya ho thwasa ha kgwedi le ya Disabatha, le phutheho tse halalelang tseo le di memang, tsena ke bokgopo, nke ke ka di mamella.


Kgopolo e jwalo e ka ho itjella molora, pelo e thetsehileng e ya mo kgelosa, a ke ke a ipholosa, kapa a re: “Ho ka tsohong la ka le letona na hase thetso?”


“Le itse: ‘Ha ho thuse letho ho sebeletsa Modimo. Morena wa mabotho o re buseletsa ka eng ha re phetha ditaelo tsa hae, mme re inyatsa?


se nkgumamella lefeela, empa se ruta dithuto tseo e leng ditaelo tsa batho!’ ”


se nkgumamella lefeela, empa se ruta dithuto tseo e leng ditaelo tsa batho.’


Ha ho le jwalo, hlokomelang kamoo le utlwang kateng, hobane mang le mang ya nang le letho o tla ekeletswa, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a hopolang hore o na le sona.”


Ho feta moo, haeba ke nnete hore ha ba tsohe, re pakela Modimo ka leshano, hobane re re o tsositse Kreste bafung, empa a sa mo tsosa.


oo le tla pholoswa ka wona, ha le o boloka kamoo ke le boleletseng wona kateng; ho seng jwalo tumelo ya lona ke ya lefeela.


Ho se be ya ithetsang. Ha e mong hara lona a ikgopola hore o na le bohlale ba lefatshe lena, a ke a fetohe sethoto, e le hore a tle a hlalefe.


Ha e le bao ba nang le mabitso, ho nna hono hase letho, hobane Modimo ha a ye ka tshobotsi, ha ba a ka ba nkekeletsa letho le letjha.


Yare ha Jakobo, le Kefase, le Johanne, ba neng ba tadingwa e le ditshiya, ba hlokomela mohau oo ke o neilweng, ba re tshwara ka matsoho, rona le Baranabase, ho supa hore re tla sebedisana: rona re ye ho baditjhaba, mme bona ba ye ho Bajuda.


Na dintho tse kaalokaalo le di tsebetse lefeela, haeba e hlile e le lefeela?


Ha motho a ikgopola hore ke letho, empa e se letho, o a ithetsa.


Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.


Ho se be dipolelo tse manyala, tsa bothoto, kapa tsa meswaso e mebe, e leng tse ronehang; ho mpe ho iswe diteboho ho Modimo.


Itlhokomeleng, esere dipelo tsa lona tsa thetseha, la kgeloha, la sebeletsa medimo e meng, mme la e kgumamela.


Kamehla dipolelo tsa lona e be tse mosa, tse nokilweng ka letswai, mme le ithute ho araba motho ka mong hantle.


Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa,


Le be baphethi ba lentswe leo, e seng bautlwi feela, ba ithetsang ka bobona.


Wena motho ya sethoto, na o rata ho tseba hore tumelo e se nang mesebetsi e nyopile?


“Ya ratang ho phela, le ho bona matsatsi a thabo, a tshware leleme la hae ho bua tse mpe, le molomo wa hae ho bua thetso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos