Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 1:25 - BIBELE

25 Ya shebisisang molao o phethehileng wa tokoloho, ya pheellang ho wona, a sa fetohe moutlwi ya lebalang, empa e le mophethi wa mosebetsi, motho eo o tla fumana lehlohonolo ho seo a se etsang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Empa ya shebisisang molaong o phethehileng, e leng wa tokoloho, mme a tiisetsa teng, e se moutlwi ya hakwang, empa e le moetsi ya sebetsang, motho eo o tla ba le lehlohonolo ho etseng ha hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

25 Empa ya tadimang molaong o phethehileng wa tokoloho, mme a tiisetsa teng, e se moutlwi ya lebalang, empa e le mophethi wa mosebetsi, motho eo o tla hlohonolofatswa ketsong ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Empa ya tadimang molaong o phethehileng wa tokoloho, mme a tiisetsa teng, e se moutlwi ya lebalang, empa e le mophethi wa mosebetsi, motho eo o tla hlohonolofatswa ketsong ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 1:25
41 Referencias Cruzadas  

Ho lehlohonolo ba etsang toka, ba etsang ho lokileng ka nako tsohle.


Ke tla matha tseleng ya melao ya hao, hobane wena o ntokolotse.


Ke tla phela ka bolokolohi, hobane ke thahasella ditaelo tsa hao.


Kamehla ya se nang tsebo ke tumelakgweela, empa ya bohlale eka kgona a ikgodise.


Hlahlobang molao le bopaki ba ka! Haeba ba sa bue ho ya ka dipolelo tsena, ke hobane ha ho na lesedi le ba tjhabelang.


Empa Jesu a re: “E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, ba le boloke.”


Ha le tseba tsena, le lehlohonolo ha le ka di etsa.


Jwale ha Mora a le lokolla, le tla be le lokolohile ka sebele.


Jwale ha phutheho e se e qhalane, Bajuda ba bangata le basokolohi ba hlomphang Modimo, ba sala Paulosi le Baranabase morao. Bona ba bua le bona, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa mohaung wa Modimo.


Ba nna ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya bodumedi, le ho ngwathweng ha bohobe, le dithapelong.


Ka fumana thuso ya Modimo, ho fihlela ka letsatsi lena ke ntse ke eme ho paka ho ba baholo le ba banyenyane, ho se letho leo ke le bolelang ntle ho tseo baporofeta le Moshe ba itseng di tla etsahala;


Ha ho le jwalo, bona mosa le bohale ba Modimo. O halefetse ba weleng, empa o mosa ho wena, haeba o itshwareletse ka mosa oo; ho seng jwalo le wena o tla rengwa.


Ba lokileng pela Modimo hase ba utlwang Molao ka ditsebe feela, empa ba phethang Molao ke bona ba tla lokafatswa.


Ka hona molao o a halalela, le taelo e a halalela, e lokile, e molemo.


Moya oo le o amohetseng hase moya wa bokgoba o boelang o le tshabisa, empa ke moya o le etsang bana ba Modimo, oo re howang ka wona, re re: “Abba!” ke ho re: “Ntate!”


hobane molao wa Moya o Halalelang o re phedisang ho Kreste Jesu o ntokolotse molaong wa sebe le lefu.


Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.


Itekoleng, mme le itlhahlobe, le tle le fumane hore na le phela ka tumelo. Ha ke re, le a tseba hore Kreste Jesu o teng ho lona, haese haeba le le ba sa amoheleheng?


Hona e ne e le ho hanyetsana le badumedi ba bohata, ba tlileng ka bononnori ho tla iketsa dihlwela tse tlilo hlwela tsa bolkolohi boo re nang le bona ho Kreste Jesu, hore di tle di re etse makgoba.


Kreste o re lokolotse, hore re fele re be le bolokolohi. Tiisetsang ke hona, mme le se ke la dumela ho boela le jariswa joko ya bokgoba.


Jarelanang mefokolo, mme ka hona le tla phetha molao wa Kreste.


Feela eka kgona le tiisetse tumelong. Le tshware le tiye, le se kgelohe tshepong eo le bileng le yona ha le utlwa molaetsa o molemo, o phatlalletswang dibopuwa tsohle tse tlasa letsatsi, oo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa wona.


Empa basadi ba tla pholoswa ka ho beleha bana, ha feela ba tiisetsa tumelong, le leratong, le kgalalelong, mme ba itlhompha.


Itlhokomele, o hlokomele le thuto ya hao. Tiisetsa ho tsena, hobane ka ho etsa jwalo o tla ipholosa, o be o pholose le ba o mamelang.


Hlokomelang hore ho se be ya furallang mohau wa Modimo, esere ha mela sebabane se seng se ferekanyang, mme sa silafatsa ba bangata.


Dipuo le diketso tsa lona e be tsa batho ba tla ahlolwa ka molao wa tokoloho.


Le phele ka bolokolohi; feela le se ke la bo sebedisa e le lesira le patang bobe, le mpe le phele le le bahlanka ba Modimo.


Molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong le o boloke. Ha le ka boloka ka ho lona molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong, le lona le tla bolokeha ho Mora le ho Ntate.


Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re: “Ngola. Ho tloha jwale, ho lehlohonolo bafu ba shwetseng tshebeletsong ya Morena.” “E,” ho rialo Moya, “ba tla phomotswa mekgathaleng ya bona, hobane mesebetsi ya bona e tla ba sala morao.”


“Ho lehlohonolo ba hlatswang diaparo tsa bona, e le hore ba tle ba be le tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, le ya ho kena motseng ka dikgoro tsa wona.


Haeba le ka tshaba Morena, la mo sebeletsa, la mamela lentswe la hae, la se ke la fetohela melao ya hae, mme lona le kgosi e le busang la latela Morena Modimo wa lona, le tla atleha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos