Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 7:2 - BIBELE

2 Ha bolellwa ba ntlo ya Davida, ha thwe: “Baarame ba se ba fihlile naheng ya ba morabe wa Efraime.” Akase le setjhaba sa hae ba tshoha haholo, ba thothomela sa difate di tsukutlwa ke moya.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Eitse ha ntlo ya Davida e bolellwa ho thwe, Basiria ba kopane le Baefraime, pelo ya Akase le dipelo tsa batho ba hae tsa sisinyeha, jwaloka difate tsa meru ha di sisinngwa ke moya.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 7:2
28 Referencias Cruzadas  

Ntlo ya hao, le mmuso wa hao, ke tla di tiisa kamehla yohle. Terone ya hao e tla tsitsa kamehla yohle.’ ”


Empa yena o tla sallwa ke morabe o le mong feela, ka baka la mohlanka wa ka Davida, le ka baka la Jerusalema, e leng motse oo ke ikgethetseng wona hara merabe yohle ya Iseraele.


Ha setjhaba sohle sa Iseraele se bona hore kgosi ha e se mamele, sa e araba, sa re: “Re amana ka dife le Davida? Mora wa Jese hase letho ho rona! Ha re ka ke ra fumana letho ho yena! Baiseraele, motho le motho lapeng la hae! Davida, sala le morabe wa heno!” Yaba Baiseraele ba kgutlela malapeng a bona.


Ho latela taelo ya Morena, moporofeta eo a omanya aletare, a re: “Aletare towe! Aletare towe! Morena o bua tjena: ‘Bona, ho tla tswalwa ngwana tlung ya Davida, mme lebitso la hae e tla ba Josiya. O tla etsetsa Morena mahlabelo ka baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ba tjhesetsang mokubetso hodima hao. Masapo a batho o tla a tjhesetsa hodima hao.’ ”


Amasiya a hlwaya lebotho la ba morabe wa Efraime le neng le tlile ho yena, a le kgutlisetsa hae. Ka baka leo, bao ba halefela setjhaba sa Juda haholo, mme ba kgutlela mahahabo bona ba halefile haholo.


Ba bang ba dihlooho tsa bana ba Iseraele, e leng bo-Asariya, mora wa Johanane, le Berekiya, mora wa Meshilemote, le Jehesekiya, mora wa Shalome, le Amasa, mora wa Hadelai, ba bolella ba tswang ntweng sefahlamahlo,


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ke tshabela ho Morena. Keng ha le re ho nna: “Balehela thabeng jwaloka nonyana?”


Ya kgopo o baleha a sa phaladiswe ke motho, ba lokileng bona ba sebete jwaloka tau.


Mona wa ba Efraime o tla fela, dira tsa ba morabe wa Juda di timetswe, ba Efraime ba ke ke ba honohela ba Juda, le ba Juda ba ke ke ba tshwenya ba Efraime.


Ke tla mo nea dinotlolo tsa ntlo ya Davida; ha a butse ha ho ya tla kwala, ha a kwetse ha ho ya tla bula.


Baahi ba tsona ba fellwa ke matla, ba tsieleha, ba tsherehana; ba ba jwaloka jwang ba naha, ba ba jwaloka semela se setalana, jwaloka hlethele sa jwang hodima ntlo, jwaloka koro e phutsang e eso tswale.


‘Motse ona ke tla o sireletsa, ke o pholose, ke o pholosetse nna le mohlanka wa ka Davida.’ ”


Leha ho ka sala a le mong ho ba leshome, le yena o tla fediswa jwaloka sefate se seholo, a fediswe jwaloka fate sa eike, seo kutu ya sona e salang ha se rengwa. Kutu ya sona ke peo e halalelang.”


Yaba Esaya o re: “Mamelang lona ba ntlo ya Davida! Na ha ho a lekana ha le ntse le kgathatsa batho, ha e le moo le ntse le kgathatsa Modimo wa ka?


“Wena le setjhaba sa hao, le ba ntlo ya ntatao, Morena o tla le tlisetsa nako e esong ho be teng ho tloha mohla ba morabe wa Efraime ba ikarolang ho ba morabe wa Juda. O tla tlisa kgosi ya Asiria.”


Baarame le ba morabe wa Efraime, le mora wa Remaleya, ba rerile ho o timetsa, ba re:


“Sohle seo tjhaba sena se reng ke bohlabaphiyo, wena se ka re ke bohlabaphiyo; se ka tshaba se tshajwang ke tjhaba sena, o se ka tshoswa ke se se tshosang.


Tjhaba sohle se tla o tseba, ba morabe wa Efraime le baahi ba Samaria, bona ba buang ka boikgantsho, le ka boikgohomoso, ba re:


Oho, lona ba ntlo ya Davida, Morena o bua tjena: “ ‘Ahlolelang batho ka toka hoseng ha letsatsi ka leng, namolelang motlatlapuwa matsohong a motlatlapi, esere kgalefo ya ka ya laima malakabe, ya tuka hoo ho seng ya ka ba e tima, ka baka la bokgopo ba diketso tsa lona.


Efraime yena o itshepetse lelea, o kalakatisa moya wa botjhabela, letsatsi ka leng le mo ekeletsa leshano, letsatsi ka leng le mo ekeletsa tshenyeho. Ba etsa selekane le naha ya Asiria, ole e romelwe naheng ya Egepeta.


Yare ha kgosi Heroda a utlwa, a ferekana hammoho le ba Jerusalema kaofela,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos