Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 7:1 - BIBELE

1 Mehleng ya puso ya Akase, kgosi ya Juda, eo e neng e le mora wa Jotame, le setloholo sa Usiya, bo-Resine, kgosi ya Arame, le Peka, mora wa Remaleya, kgosi ya Iseraele, ba futuhela Jerusalema, empa ba se ke ba e hlola.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mehleng ya Akase, mora Jothame, mora Osiase, morena wa Juda, Retsine, morena wa Siria, le Peka, mora Remalia, morena wa Iseraele, ba futuhela Jerusalema, empa ba sitwa ho o thibella.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 7:1
15 Referencias Cruzadas  

Peka, mora wa Remaleya, molaodi wa mabotho a hae, a ena le Aregobe le Are, le banna ba mashome a mahlano ba Bagileade, a mo rera, mme a mmolaela Samaria ka qhobosheaneng e kahare ho ntlo ya kgosi. Peka a mo hlahlama.


Ka selemo sa mashome a mahlano a metso e mmedi sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Peka, mora wa Remaleya, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. A busa ka dilemo tse mashome a mabedi.


Mehleng eo, Morena a etsa hore Resine, kgosi ya Arame, le Peka, mora wa Remaleya, ba futuhele naha ya Juda.


Ka selemo sa leshome le metso e supileng sa puso ya Peka, mora wa Remaleya, Akase, mora wa Jotame, kgosi ya Juda, a qala ho busa.


Jwale Resine, kgosi ya Arame, le Peka, mora wa Remaleya, kgosi ya Iseraele, ba futuhela Jerusalema. Ba etsetsa Akase thibella, empa ba se ke ba mo hlola.


Ena ke pono eo Esaya, mora wa Amose, a neng a e senolelwe mabapa le Juda le Jerusalema, mehleng ya ha ho busa Usiya le Jotame le Akase le Hesekiya, dikgosi tsa Juda.


“Kaha tjhaba sena se se se nyatsitse metsi a Shilowa a phallang a kgutsitse, se thabela Resine le mora Remaleya,


Morena o matlafaditse dira tsa Resine ho mo lwantsha, a di hlohleletsa hore di mo tsohele matla.


“ ‘Baarame le bona ba ne ba hweba le wena ka baka la bongata ba thepa eo o neng o e etsa; ba ananya thepa eo ya hao ka majwe a bohlokwa a matala, le ka masela a perese, le a homilweng, le ka lene e ntle, le ka dikgetla, le ka majwe a bohlokwa a mafubedu.


Mehleng ya puso ya Usiya, le Jotame, le Akase, le Hesekiya, dikgosi tsa Juda, le mehleng ya puso ya Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, lentswe la Morena la fihla ho Hosea, mora wa Beeri.


Mehleng ya puso ya Jotame, le Akase, le Hesekiya, dikgosi tsa Juda, lentswe la Morena la fihla ho Mmikiya wa Moreshete. Morena a mmontsha ka pono tse tla hlahela Samaria le Jerusalema.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos