Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 7:18 - BIBELE

18 Mohlang oo Morena o tla letsa molodi o bitsang dintsintsi tse tswang hole, melatswaneng ya Egepeta, le dinotshi tse tswang naheng ya Asiria.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Mehleng eo, Jehova o tla letsetsa dintsintsi tse phellong ya dinoka tsa Egepeta molodi, le dinotshi tse lefatsheng la Assiria.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 7:18
15 Referencias Cruzadas  

A laela, ha hlaha diboba, le menwang, naheng yohle ya bona.


Ba mpokanela jwaloka dinotshi, ba ka malakabe hara dihlahla tsa meutlwa, empa ka ba tamukanya ka lebitso la Morena.


Empa ha o sa lokolle setjhaba sa ka, ke tla romela diboba ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, le matlung a hao. Matlo a Baegepeta a tla tlala diboba, le wona mobu oo a hahilweng ho wona.


Morena a etsa jwalo; ha fihla boiyane ba diboba ka tlung ya Faro, le ka tlung ya bahlanka ba hae, le naheng yohle ya Egepeta, mme naha ya senyeha ke diboba.


A tswa naheng e hole, pheletsong tsa lehodimo, Morena o tla ka dihlomo tsa kgalefo ya hae, hore fatshe lohle a tle a le timetse.


Ho madimabe ba yang Egepeta ho kopa thuso, ba tshepileng dipere le boiyane ba kariki tsa ntwa, le bapalami ba dipere hobane e le dinatla, empa ba sa natse Ya Halalelang wa Iseraele, ba sa ipiletse ho Morena ho batla thuso.


O phahamiseditse tjhaba tse hole mokgele, ba pheletsong tsa lefatshe o ba bitsa ka molodi, ke bana ba etla kapele, ba potlakile!


“Wena le setjhaba sa hao, le ba ntlo ya ntatao, Morena o tla le tlisetsa nako e esong ho be teng ho tloha mohla ba morabe wa Efraime ba ikarolang ho ba morabe wa Juda. O tla tlisa kgosi ya Asiria.”


Ke tla ba hwehla, ke ba kgobokanye, hobane ke na ya ba lopolotseng; ba tla ba bangata sa mohla monene.


Baamore ba ahileng naheng eo e maralla ba ile ba le futuhela jwaloka sekgakgatha sa dinotshi, ba le leleka, ba le etsa mofela, ho tloha Seire ho ya fihla Horema.


“Morena o tla o tlisetsa setjhaba se tswang hole, pheletsong ya lefatshe, se etla jwaloka ntsu ha e fofa; setjhaba seo o sa tsebeng puo ya sona;


Hape Morena Modimo wa lona, o tla romela bobi hara tsona, ho fihlela ho timela ditjhaba tse setseng, le tse ipatetseng lona.


Ka eteletsa bobi kapele, mme ba ba leleka kapele ho lona. Ba leleka le dikgosi tse pedi tsa Baamore; e seng ka sabole ya hao, kapa ka seqha sa hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos