Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 7:19 - BIBELE

19 Di tla tla tsohle, di fihle di hahele dikgohlong tse tebileng, le mafarung a mafika, le hara difate tsohle tsa leoka, le hara makgulo wohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Di tla tla, di dule kaofela dikgutlong tse dilomo, le mafarung a mafika, le dihlahleng tsohle, le makgulong wohle.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 7:19
11 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, Morena a romela balaodi ba mabotho a kgosi ya Asiria, ba thopa Manase, ba mo kenya kgwathatha, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ba mo isa Babilona.


Batho ba tla balehela mahaheng, ba balehele katlasa mafika, ba kene mekoting e tjhekilweng fatshe, ka baka la ho tshaba Morena le kganya ya botletlehi ba hae, ha a phahama ho tshosa lefatshe.


Batho ba tla balehela mahaheng, katlasa mafika le mafarung, ka baka la ho tshaba Morena, le ho tshaba kganya ya botlotlehi ba hae, ha a phahama ho tshosa lefatshe.


Ke tla e tlohela e senyehe, morara o ke ke wa faolwa kapa wa lemelwa, hlabahlabane le meutlwa di tla mela ho yona, ke thibele maru a se ka e nesetsa pula.”


Moo ho metseng leoka ho tla mela modutu, moo ho metseng hlabahlabane ebe ho mela mohlakola. Tsena ke tsona tse tla tumisa Morena, e be pontsho ya kamehla yohle, e ke keng ya fediswa.”


Batho ba tla tsamaya ba nkile diqha le metsu, hobane naha e tla be e kwahetswe ke hlabahlabane le meutlwa.


Maralla wohle a neng a lemilwe, ho ke ke ha hlola ho uwa ho wona, ka baka la ho tshaba hlabahlabane le meutlwa, empa e tla ba moo ho kgaphelwang dikgomo teng, le moo dinku di sollang teng.


“Ke tla romela batshwasi ba ditlhapi ba bangata,” ho rialo Morena, “mme ba tla ba tshwasa. Hamorao ke tla romela ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle, le maralleng wohle, le mafarung a mafika.


Di tla nyeka lerole jwaloka dinoha, di le nyeke sa dihahabi di holoba fatshe. Di tla tswa diahelong tsa tsona di thothomela, di retelehele ho Morena, Morena Modimo wa rona, di retelehele ho yena di tshohile, di tshohile haholo hobane di o tshaba.


Ke tla ba hwehla, ke ba kgobokanye, hobane ke na ya ba lopolotseng; ba tla ba bangata sa mohla monene.


Le tla ba tseba ka diketso tsa bona. Na batho ba ke ba kge morara meutlweng, kapa difeiye hlabahlabaneng?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos