Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 57:9 - BIBELE

9 La itlotsa ka ole e nang le menkwane, la ba la ya ho kgosi, la romela maqosa a lona naheng tse hole, la ba la a romela Nqalong ya Bafu.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Wa ya itlhahisa ho morena wa teng ka ole, o nkile tse nkgang hamonate; o romile manqosa a hao holehole, wa itebisa ho ya fihla nqalong ya bafu.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 57:9
12 Referencias Cruzadas  

Ke nonoditse moalo wa ka ka mmira, ka o nonotsa ka lekgala le sinamone.


Batho bohle ba tla obama, banna bohle ba ikokobetse, o se ke wa ba tshwarela, Morena.


Mosadi wa seotswa o newa tjhelete, empa wena o fana ka dimpho ho baratuwa bohle ba hao, o ba reka hore ba tle ho wena ba etswa hohle, ho tla feba le wena.


Hanghang ha a ba bona a ba tjhatjhehela, a ba a romela maqosa ho bona, Babilona.


“Ba bile ba roma maqosa ho lata banna ba tswang hole, mme ha ba fihla o ile wa ya tola, wa kgabisa dintshi tsa hao, wa nto rwala mabenyane a hao.


“Kgosi ya Siria e tla iketsetsa borata, e iphahamise, e ithorise ka ho re e matla ho feta medimo yohle, mme e nyefole le Modimo wa medimo. E tla atleha ho be ho fihle nako ya kgalefo, hobane se laotsweng eka kgona se phethahale.


Efraime yena o itshepetse lelea, o kalakatisa moya wa botjhabela, letsatsi ka leng le mo ekeletsa leshano, letsatsi ka leng le mo ekeletsa tshenyeho. Ba etsa selekane le naha ya Asiria, ole e romelwe naheng ya Egepeta.


“Efraime ke leebanakgorwana, leebanakgorwana le sethoto, o ipiletsa ho Egepeta, a nto ya ho Asiria.


Le se ke la hlokiswa moputso wa lona ke ba ikokobetsang ka mokgwa o fosahetseng, mme ba rapelang mangeloi, ba reng ba bona dipono, ba ikgohomosang ka dintho tsa lefeela ka baka la menahano ya bona ya botho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos