Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 57:10 - BIBELE

10 Maeto a lona a malelele a le baketse mokgathala, empa la sitwa le ho re: ‘Ha ho na thuso!’ Le nnile la fumana mekgwa ya ho imatlafatsa, kahoo ha le a ka la kgathala.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 O kile wa kgathala ke ho tsamaya haholoholo, mme ha o a ka wa re: Ke ikgathaletsa lefeela! O ntse o fumana matla letsohong la hao, ke ka baka leo o sa kang wa tepella.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 57:10
12 Referencias Cruzadas  

O ikgathaditse feela ka keletso tse ngatangata! Jwale bitsa balepi ba hao, balepi ba hao ba dinaledi, dinohe tse o senolelang diketsahalo, tsa kgwedi le kgwedi, di ke di o pholose ho tsena tse o tlelang.


Empa bona ba re: ‘Ha ho sa na thuso! Re tla tswela pele mererong ya rona, motho ka mong a phethe ditakatso tsa pelo ya hae e kgopo, e manganga.’ ”


Kgaotsa ho tsamaya, oto le se fellwe ke meqathatso, mmetso wa hao o se omelle ke lenyora. Empa wena o itse: ‘Tjhe, ha ho na thuso! Nna ke ithatela medimo, medimo ya baditjhaba, mme ke tlameha hore ke e sale morao!’ ”


O lelera hakaale ka baka lang, o tsamaya o kgeloha tsela tsa hao? O tla hlabiswa dihlong ke Egepeta, jwalokaha Asiria e o hlabisitse dihlong.


Kahoo mafafatsane a ile a thibelwa, pula ya hwetla le yona ya se ke ya na; empa wa tiisa phatla jwaloka seotswa, wa ngangella, dihlong tsa se ke tsa o hlaba.


Morena, ha ke re wena o batla nnete? O ba otlile, ha ba a utlwa bohloko; o ba kgahlotse, ha ba a boela tseleng, ba thatafaditse fahleho tsa bona sa lejwe, ba hanne ho bakela dibe tsa bona.


Motho ka mong o thetsana le motswalle, ha ho le ya mong ya buang nnete. Batho ba tlwaeditse maleme a bona ho bua leshano, ba ipakela mokgathala ka ho etsa sebe.


Matsapa wohle a lekilwe, a hlotswe, e kganathetse mafoome, a hana ho tloha, ke mollo feela o ka tsebang ho a tlosa.


Na hase Morena wa mabotho ya ileng a rera, hore mosebetsi wa batho o fediswe ka mollo, le hore ditjhaba di sebeletse lelea?


Pelepele, ho eso be le Molao, ke ne ke ikutlwa ke phela, empa ha taelo e se e le teng, sebe sa qala ho phela,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos