Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 57:2 - BIBELE

2 Ba hlokang kodi ba tla itjhwella ka kgotso, ba iphomolele hamonate lefung la bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 O tla kena kgotsong; ba phomola ditaong tsa bona, e leng bohle ba tsamaileng ka tsela ya bona e lokileng.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 57:2
19 Referencias Cruzadas  

Ha Aborame a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robong, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo ya matla wohle; nkgahlise ka metsamao ya hao, mme o hloke kodi.


A epelwa lebitleng leo a ileng a iketsetsa lona, Motseng wa Davida. Ba bea setopo sa hae hodima moalo o nonoditsweng ka tse monko o monate, le ka dinoko tsa mefutafuta, tse tswakilweng ke ditsebi tsa metswako ya ditlolo. Ba besa tetema ya mollo ho mo tlotla.


Lebitleng ba kgopo ba a kgaotsa, ba kgaotsa ho ferekanya, ba kgathetseng, teng ba fumana phomolo.


Hlokomela ya phethehileng, o tadime ya lokileng: Motho wa kgotso o tla ba le ditloholo;


lerole le eso busetswe leroleng, moya o kgutlela ho Modimo, Mofani wa wona.


Kgosi tsa ditjhaba tsohle di phomotse, di phomotse ka hlompho ka mabitleng a tsona;


Tsela ya ya lokileng ha e na makukuno, wena Ya Lokileng o batalatsa tsela ya hae.


Morena o bua tjena: “Emang mateanong a ditsela le qamake, le botse: ‘Tsela ya kgale, e lokileng, e kae?’ Tsamayang ka yona, mme le tla fumana phomolo. Empa lona la re: ‘Ha re ka ke ra e tsamaya!’


Elame e abetswe diphate hara ba bolailweng le mabotho wohle a yona. E teetswe hare ke mabitla a bona; kaofela ha bona ke maqai a bolailweng ka sabole. Le hoja ba ile ba tshosa batho ba phelang lefatsheng, jwale ba jere sekgobo sa bona mmoho le ba theohetseng lebitleng. Elame e beilwe hara ba bolailweng.


“Empa wena Daniele, o mamelle ho isa qetellong. O tla shwa, empa o tla tsoha mohla letsatsi la bofelo, o newe lefa leo o le abetsweng.”


“Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’


Bobedi ba bona ba ne ba lokile pela Modimo, ba tsamaya melaong le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se moo ba ka nyatsuwang teng.


“Jwale ha etsahala hore mofutsana a shwe, mme mangeloi a mo nkele sefubeng sa Aborahama. Le morui a shwa, mme a patwa.


“Morena, jwale o ka lokolla mohlanka wa hao ka kgotso, ho ya ka polelo ya hao;


Empa a re ho mosadi: “Tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso!”


Re tseba hore, mohla lephephe leo re phelang ho lona mona lefatseng le qhaqhollwang, lehodimong re na le lehae leo re le lokiseditsweng ke Modimo, ntlo e sa hahwang ke batho.


Ka hona re kgothetse, mme se ka re kgahlang ke ho falla mmeleng ona, re tle re yo aha le Morena.


Ke qakilwe ke ntho tsena tse pedi: Ke lakatsa ho falla bophelong bona, ke yo ba le Kreste, mme hona ho molemo ka ho fetisisa,


Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re: “Ngola. Ho tloha jwale, ho lehlohonolo bafu ba shwetseng tshebeletsong ya Morena.” “E,” ho rialo Moya, “ba tla phomotswa mekgathaleng ya bona, hobane mesebetsi ya bona e tla ba sala morao.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos