Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 57:1 - BIBELE

1 Batho ba lokileng ba a timela, ha ho le ya mong ya keng a nahane hona; ba nang le tumelo le bona ba a fediswa, ha ho ya utlwisisang hona: Ba lokileng ba balehisetswa bobe bo tlang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Motho ya lokileng o a timela, mme ha ho ya lemohang teng; batho ba molemo ba tloswa, mme ha ho ya lemohang hobane ya lokileng o tloswa, bobe bo eso ho hlahe.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 57:1
17 Referencias Cruzadas  

Baiseraele bohle ba tla mo llela, ba mo epele. Ke yena feela wa lelapa la Jeroboame ya tla epelwa, hobane ke yena feela wa lelapa la Jeroboame eo Morena a fumanang ho hong ho lokileng ho yena.


‘Ka baka leo he, ke tla o isa ho bo-ntatao, o phomole lebitleng la hao ka kgotso. O ke ke wa bona koduwa eo ke tla e dihela hodima sebaka sena.’ ” Yaba ba isetsa kgosi ditaba tsena.


Hesekiya a shwa, mme a epelwa leralleng, kahodimo ho mabitla a bara ba Davida. Baahi bohle ba naha ya Juda, le ba Jerusalema, ba mo tlotla lefung la hae. Manase, mora wa hae, a mo hlahlama.


Ka baka leo, ke tla o isa ho bo-ntatao, o phomole lebitleng la hao ka kgotso. O ke ke wa bona koduwa eo ke tla e dihela hodima sebaka sena le baahi ba sona.’ ” Yaba ba isetsa kgosi ditaba tsena.


Ka baka leo, bahlanka ba hae ba mo ntsha ka kariking ya hae ya ntwa, ba mo kenya ka ho ya bobedi eo a neng a tlile le yona, ba mo isa Jerusalema, mme a shwa. A epelwa mabitleng a bo-ntatae. Setjhaba sohle sa Juda, le baahi ba Jerusalema, ba mo llela.


Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka seletsa se kgwele di robedi.


Hlokomela ya phethehileng, o tadime ya lokileng: Motho wa kgotso o tla ba le ditloholo;


Kahoo o hlatsitse kgalefo ya hae, a e hlatsetsa hodima bona, a hlatsa le bohale ba ntwa, a bo hlatsetsa hodima bona. Kgalefo ya ba aparela ka malakabe, empa ba se ke ba utlwisisa letho, ya ba tlabola, empa ba se ke ba e natsa.


Kahoo o tla welwa ke koduwa hodimo, ha o na ho tseba le ho e upa; o tla welwa ke bomadimabe hodimo, o ke ke wa tseba ho bo qhelela thoko; timelo le yona e tla o wela hodimo, e o tsometse o sa ka wa tseba.


“Yaba wena o re: ‘Ke tla nne ke be mofumahadi, ke be yena kamehla yohle!’ Empa tsena ha wa ka wa di nahana, kapa wa hopola pheletso ya tsona.


“Eo le mo tshohang ke mang, eo le mo tshabang hakaale, ke mang, hoo le ileng la ntlhokela botshepehi, la ba la sitwa le ho nkgopola, kapa hona ho nnahana ka pelong tsa lona? Na hase hobane e le kgale ke kgutsitse, ha e le moo le se le sa ntshabe?


“Ka baka leo, tsamaya, o yo bua le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: ‘Morena o bua tjena: Bonang mona! Ke ntse ke le ralla bobe, ke lokisa morero wa ho le otla. Motho ka mong a kgelohe tsela ya hae e kgopo, a tsamaye tseleng e lokileng, diketso tsa hae di be ntle.’


Se lleleng mofu, le kgutsana le se e rwale, le mpe le llele haholo ya thopilweng, hobane ha a ka ke a hlola a kgutla hape, leha e le ho bona fatshe la tswalo ya hae.


O bolelle naha eo ya Iseraele, o re: ‘Morena o bua tjena: Bona, ke a o lwantsha, mme ke tla tsomula sabole ya ka selateng sa yona, ke bolaye baahi ba hao ba lokileng le ba kgopo.


Ba hlomphang Modimo ha ba sa le yo lefatsheng, ha ho le ya mong ya etsang ho lokileng; bohle ba laletse ho tsholla madi, motho o tjhehile ngwanabo, o mo tjhehile ka letlowa.


Haeba le sa mmamele, le sa tsotelle ho ntlotlisa,” ho rialo Morena wa mabotho, “ke tla le dihela thohako, ke le amohe mahlohonolo a lona. E, ke se ke le amohile wona, hobane ha le ntsotelle!


Ke mang ya ka balang ditloholo tsa Jakobo? Ke mang ya ka balang karolo ya bone ya Baiseraele? A nke ke shwe lefu la ba lokileng! Pheletso ya ka e ke e tshwane le ya hae.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos