Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 5:9 - BIBELE

9 Morena wa mabotho o nnyenyeleditse, a re: “Matlo a mangata a tla sala e le dithako, matlo a maholo, a matle, a hloke baahi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Jehova wa makgotla o boletse tsebeng tsa ka, a re: Ruri, matlo ao a mangata a tla fetoha dithako, matlo ao a matle a maholo a hloke ba tla phela teng.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 5:9
14 Referencias Cruzadas  

E ne e le hore ho phethahale dipolelo tsa Morena tse neng di bolelwe ke Jeremia, ha a ne a re: “Ho fihlela dilemo tse mashome a supileng di fela, naha e tla lala ka nako yohle eo e ntseng e hloka baahi ka yona.”


o tla phela metseng e le dithako, matlung a seng a setse a le feela, a kgatheng la ho fetoha masupi.


Meharo ya hae ha e a siya le pala, boiketlo ba hae ke ba nakwana;


Ya meharo o tlisetsa lapa la hae tsietsi, ya hloileng tjotjo yena o tla phela.


Morena wa mabotho o ile a senola tsena, moo ke utlwang, a re: “Ruri bokgopo bona bo ke ke ba tshwarelwa ho fihlela le eshwa,” ho rialo Morena Modimo wa mabotho.


Motse o haheleditsweng o fetohile dithako, ke motse o siilweng, o furaletsweng sa lehwatata, ke moo manamane a fulang teng, a be a bothe, a itjelle makala.


Ke tla e tlohela e senyehe, morara o ke ke wa faolwa kapa wa lemelwa, hlabahlabane le meutlwa di tla mela ho yona, ke thibele maru a se ka e nesetsa pula.”


Ruri Morena Modimo ha a ke a etsa letho a eso senole morero wa hae, a o senolela bahlanka ba hae, bahlanka ba hae, baporofeta.


Kaha le hatakela mofutsana, le mo qobelle ho le fa mabele a hae, le ke ke la dula kahara matlo le a hahile, le a hahile ka majwe, le a betlile; le masimo a morara o motle le a lemme, empa le ke ke la nwa veine ya wona!


Morena ke yena ya laelang: Ntlo e kgolo o tla e pshatlaka, e nyenyane le yona a e thuake.


Kgosi ya halefa, ya romela dimphi tsa yona, tsa ripitla babolai bao, tsa tjhesa motse wa bona.


Bonang, ntlo ya lona e tla sala e le dithako.


Bonang moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le sa kang la ba lefa wona, o a bua, mme dillo tsa bakotudi di fihlile ditsebeng tsa Morena wa mabotho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos