Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 5:8 - BIBELE

8 Ho madimabe lona ba inkelang matlo a batho, lona ba itjellang masimo a batho, ho fihlela baka sohle e le sa lona, le phela le le inotshi naheng eo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ho madimabe ba rokahanyang ntlo le ntlo, ba eketsang tshimo ka tshimo, ho fihlela baka se fela, e tle e be lona le nnotshi benghadi ba naha!

Ver Capítulo Copiar




Isaia 5:8
14 Referencias Cruzadas  

o tla phela metseng e le dithako, matlung a seng a setse a le feela, a kgatheng la ho fetoha masupi.


Meharo ya hae ha e a siya le pala, boiketlo ba hae ke ba nakwana;


Ya meharo o tlisetsa lapa la hae tsietsi, ya hloileng tjotjo yena o tla phela.


“Wena ngwana motho, bana beno, e, bana beno bao o tswalanang le bona, e leng bohle ba ntlo ya Iseraele, ke bona bao baahi ba Jerusalema ba itseng ho bona: ‘Eyang hole le Morena! Naha ena re e filwe hore e be lefa la rona!’


“Wena ngwana motho, setjhaba se ahileng dithakong tsa naha ya Iseraele se re: ‘Aborahama o ne a le mong to! empa naha ena o ile a e fuwa. Rona re bangata, mme le rona naha ena re e filwe hore e be lefa la rona.’


Morena o bua tjena: “Baahi ba Amone ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ba tabotse baimana ba Gileade, ba ba tabola dimpa, ba tle ba atolose meedi ya bona.


Ho madimabe ba rerang bolotsana, ba nahanang bokgopo ba le diphateng tsa bona! Ha bosiu bo esa ba a bo phethathatsa, hobane ba na le matla a ho etsa jwalo.


Ba tswela masimo a batho pelo, ba a hape, ba honohele matlo a batho, ba inkele wona; ba hatella motho le ba lelapa la hae, ba mo hatelle, ba je lefa la hae.


“Kaofela ha bona ba tla mo nyedisa, ba mo nyahanye, ba mo nyefole, ba re: ‘Ho madimabe ya ipokellelang tsa boshodu, ya ithuisang ka ho hanyapetsa batho! Hoo ho tla ba jwalo ho fihlela neng?’


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos