“Bonang, Mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, ke eo, mokgethwa wa ka ya nkgahlang; ke theoletse Moya wa ka, ka o theolela hodima hae, o tla tlisetsa ditjhaba toka.
Binang ka nyakallo, lona mahodimo, hobane tsena Morena o di entse; howeletsang lona dikgohlo tsa lefatshe, lona dithaba binang haholo, le lona meru le fate tsohle tse ho lona, hobane Morena o lopolotse Jakobo, o bonahaditse tlotla ya hae, a e bonahatsa ka Iseraele.
Ke mang wa lona ya tshabang Morena, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing a se na lesedi? Ha a ke a tshepe lebitso la Morena, a itshetlehe ka Modimo wa hae.
Ho ratile Morena hore a tetetswe, a hlokofatswe, bophelo ba hae e be nyehelo e tlosang sebe; kahoo o tla bona ditloholo tsa hae, matsatsi a bophelo ba hae a lelefale, thato ya Morena e atlehiswe ke letsoho la hae.
Moshe a re ho Arone: “Sena ke seo Morena a neng a se bolela, ha a re: ‘Ke tla bonahatsa ho halalela ha ka ho ba leng haufinyane le nna, mme ke tla tlotliswa kapele ho setjhaba sohle.’ ” Arone a kgutsa.
“ ‘Oho, wena Joshua, Moprista e Moholo, wena le balekane ba hao ba dutseng kapele ho wena; lona bohle ba dupang tse molemo, mamelang mona: Ke tla romela mohlanka wa ka, e leng Lekala!
ka Letsatsi leo a tla tla ka lona ho tlotliswa ke bahalaledi ba hae, le ho babatswa ke bohle ba dumetseng. Le lona le tla ba hara bona hobane le dumetse bopaki ba rona.
Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.