Bonang mohlanka wa ka eo ke mo tiisang, mokgethwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke beile moya wa ka hodima hae; o tla tlisetsa ditjhaba ho loka.
Mahodimo, nyakallang ka difela, hobane Jehova o sebeditse; le lona matebo a lefatshe hlabang ditlatse. Dithaba a di ke di dume ka mehoo ya thabo, le meru le difate tsa yona, hobane Jehova o lopolotse Jakobo, mme o bonahaditse kganya ya hae Iseraeleng.
Ke mang hara lona ya tshabang Jehova, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing, ya hlokang lesedi, a ke a tshepe lebitso la Jehova, a itshematlele ka Modimo wa hae.
Modimo o ratile ho mo roba le ho mmea tlokotsing; empa etlare hobane a bee ho phela ha hae hore e be sehlabelo bakeng sa dibe, o tla bona bana, a eketse matsatsi a hae, morero wa Jehova o atlehe matsohong a hae.
Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.
Utlwa he, Joshua, moprista e moholo, wena le banabeno ba dutseng pela hao; ruri banna bao ke dipontsho ho setjhaba, hobane ke ya tlisa mohlanka wa ka, Lehlomela!
A re a sa bua, leru le kganyang la hlaha, la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng!
Jesu a bolela taba tseo, a ntoo lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a re: Ntate, nako e tlile! Tlotlisa Mora wa hao, hore Mora wa hao a o tlotlise le yena;
Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;