Baiseraele bohle ba balwa ho ya ka meloko ya bona, mme ba ngolwa Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele, le tsa Juda. Ka baka la ditshito tsa bona, ba thopuwa, ba iswa Babilona.
“Botsa setjhaba sena sa bafetohedi, o re: ‘Na ha le tsebe se bolelwang ke ntho tsee? Bonang mona, kgosi ya Babilona e ile ya fihla Jerusalema, ya thopa kgosi ya Jerusalema le mahosana a yona, bohle ya ba isa Babilona.
Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na o bone seo e mong le e mong wa baholo ba ntlo ya Iseraele a se etsang mafifing, ka kamoreng ya modingwana wa hae? “Ba re: ‘Morena ha a re bone! Morena o furaletse lefatshe!’ ”