Baiseraele kaofela ba balwa jwalo masikeng a bona; ba ngodilwe bukeng ya marena a Iseraele. Haele Juda, a iswa kgolehong Babilona ka baka la meikgantsho ya hae.
Ere ho ntlo eo ya bahanyetsi: Na ha le tsebe tse tshwantshwang ka taba tseo? Ere: Bonang, morena wa Babilona o ne a tle Jerusalema, a tshwara morena le mahosana teng, a ya le bona Babilona.
A re ho nna: Mora motho, na o bone seo baholo ba ntlo ya Iseraele ba se etsang lefifing, e mong le e mong phaposing ya ditshwantsho tsa hae? Hobane ba re: Jehova ha a re bone, Jehova o furaletse lefatshe lena.