Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 3:16 - BIBELE

16 Morena o re: “Basadi ba Sione ba a ikgohomosa, ba tsamaya melala ba e thamotse, ka mahlo a bona ba ntse ba bonya, ba rwanyaketsa, ba hatela haufi, maqaqailana a bona a lla masekana.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Jehova o boletse, a re: Erekaha baradi ba Sione ba ikgantsha, ba tsamaya ka melala e sataletseng, le mahlo a nyemotsang, ba nantsha maoto, ba rwarwaetsa ka mekgabo ya maoto,

Ver Capítulo Copiar




Isaia 3:16
16 Referencias Cruzadas  

Boikakaso bo etella timelo pele, boikgohomoso bo etelle ho wa, pele.


Fahleho se hwapileng le pelo e ikgohomosang, e leng lebone la ba kgopo, ke sebe!


Moloko o teng o ikgohomosang, o shebang batho ka ho ba nyedisa.


Tswang ka matlung, lona baradi ba Sione, tswang le bone kgosi Solomone o rwetse moqhaka, moqhaka a o rwesitswe ke mmae mohla lenyalo, mohla thabo e kgaphatsehang pelong ya Solomone.


Moradi wa Sione o silwe jwaloka lephephe tshimong ya morara, jwaloka motlotlwane tshimong ya mahapu, le jwaloka motse o etseditsweng thibella.


Fatshe le bofifing, le bile le a pona, fatshe le a tepella, le bile le a pona, bahlomphehi ba lefatshe le bona ba a tepella.


Bonang Morena, Morena mabotho, o kgatheng la ho amoha Jerusalema le Juda, tsohle tseo di iphedisang ka tsona, a di amohe dijo tsohle le metsi wohle.


Kahoo Morena o tla kgophosa hlooho tsa bona, hlooho tsa bona a di phumole mafatla.”


Mohla tsatsi leo, Morena o tla ba amoha mekgabiso: mefitshane le meqhaka le difaha tsa molala;


Baokamedi ba bona e tla ba bashanyana, tlokotsebe tsa bana e be babusi ba bona.


Morena o tla hlwekisa baahi ba Sione. Ka matla a moya wa hae o kang mollo, Morena o tla ahlola setjhaba, mme a se hlwekise, a hlakole molato wa Jerusalema le madi a tsholotsweng teng.


Mohla tsatsi leo ha o na ho ba dihlong ka baka la ho ntshitelwa ha hao. Ba ithorisang ka boikakaso ba hao ke tla ba fedisa kahare ho wena; o ke ke wa hlola o ikgohomosa, o le thabeng ya ka e halalelang.


“Bolellang moradi wa Sione: Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.”


Jesu a retelehela ho bona, a re: “Baradi ba Jerusalema, se nteleleng; iteleleng, le llele le bana ba lona,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos