Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 3:15 - BIBELE

15 Ke ka baka lang ha le hatakela setjhaba sa ka, mafutsana le wona le a tlatlapa?” ho rialo Morena, Morena mabotho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Le reng ha le hlorisa setjhaba sa ka, leha le pitla difahleho tsa basenyehi? ho botsa Morena, Jehova wa makgotla.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 3:15
17 Referencias Cruzadas  

Morena, ba hatakela setjhaba sa hao, ba hatella bao e leng lefa la hao.


Baokamedi ba bana ba Iseraele, bao bahlorisi ba kgethilweng ke Faro ba neng ba ba beile hodima bona, ba kgakgathwa, ha thwe: “Ke ka baka lang ha kajeno le maobane le sa phetha mosebetsi wa lona jwaloka pele, e leng oo le o baletsweng wa ho etsa ditene?”


Moloko o teng o meno a kang disabole, oo a mohlaare a kang dithipa, ho harola bafumanehi lefatsheng, le bahloki ba phelang hara setjhaba.


hore ba amohe mafutsana tokelo tsa wona, ba hateletsweng ba ba hlokise toka, ba ikgapele ntho tsa bahlolohadi, ba tlatlape le tsona dikgutsana.


Ba futsanehile baholo ba tla kgora, bahloki ba tla dula ba pholohile, ditloholo tsa hao tsona di shwe ke tlala, masalla a hao le wona e a bolaye.


O tla hatakelwa ka maoto, o hatakelwe ke maoto a mafutsana, o hatakelwe ke mehato ya bahloki.


Baikokobetsi ba tla boela ba thabela Morena, mafutsana a thabele Ya Halalelang wa Iseraele.


Kahoo Ya Halalelang wa Iseraele o re: “Kahobane le hanyetsa keletso ena, le tshepa kgatello le bokgopo, le beile tshepo ya lona ho tsona,


hobane sethoto se bua bothoto, le ho nahana se nahana tse kgopo: Se etsa tse kgopo, se bua tsa bohata ka Modimo; ba lapileng ha se ke se ba fepa, ba nyorilweng se ba tima metsi.


Tshimo ya morara ya Morena wa mabotho, ke ntlo ya Iseraele, tjhaba sa Juda ke semela se mo kgahlang; Morena a batla toka, empa a e hloka, bakeng sa ho loka ya eba dillo le tshollo ya madi.


Ho itima dijo ha lona ho baka dikgang le diqabang, ho bake le ho tlantlana, ho tlantlana ka ditebele. Na ho itima dijo ka mokgwa o tjee ho ka etsa hore thapelo tsa lona di mamelehe?


“Ruri ke tjhaba sa ka,” ho rialo Morena, “bana ba ka ba ke keng ba bua leshano;” kahoo ya eba yena Mopholosi, Mopholosi wa bona,


“Lona batho, le bolelang ka maele aa, ha le bua ka naha ya Iseraele, le re: “ ‘Bo-ntata ba jele morara o bodila, jwale meno a bana a a thella’?


Molaodi wa sekepe a tla ho yena, a re: “O hlolang, ha o robetse tjee? Tsoha, o ipiletse ho modimo wa hao! Mohlomong modimo eo wa hao a ka re hopola, ra se ke ra timela.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos