Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 21:4 - BIBELE

4 Pelo ya ka e a uba, ke thothomela ke tshabo, shwalane eo ke e hlolohetsweng e nkenyeditse letswalo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Pelo ya ka e ferekane; letsoso le lebe le ntshwere; bosiu ba thabo ya ka bo fetohile bosiu ba tshoho.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 21:4
19 Referencias Cruzadas  

Bamemuwa bohle ba neng ba ena le Adoniya ba tshoha, ba ema, mme motho ka mong a ya ka tselana ya hae.


Yaba Hamane o re: “Mofumahadi Esetere le yena ha a a ka a dumella motho ho tla le kgosi moketeng oo a neng a o lokisitse, haese nna feela. Le hosasane nna, hammoho le kgosi, ke sa memetswe moketeng wa hae.


Pelo ya ka e uba habohloko, matswalo a lefu a mpupeditse.


Ke kenwe ke letswalo, ke a thothomela, ke aparetswe ke tshabo.


“Ke longwa ke mala! Ke longwa ke mala! Botebo ba pelo ya ka bo tletse mahlaba! Pelo ya ka e uba kahare ho nna; nke ke ka kgutsa, hobane ke utlwile modumo wa lenaka le mokgosi wa ntwa.


Etlare ba sa halakehetse dijo, ke ba etsetse mokete wa semetletsa, ke ba nwese hore ba be ba tahwe, ba robale, ba roballe ruri, ba kgalehe, ba se hlole ba tsoha,” ho rialo Morena.


Baetapele ba yona le bahlalefi ke tla ba tahisa, ke tahise babusi le balaodi le bahlabani. Ba tla robala, ba roballe ruri, ba kgalehe, ba se hlole ba tsoha,” ho rialo Kgosi, eo bitso la yona e leng Morena wa mabotho.


Kgosi Beleshasare a etsetsa mahosana a hae a sekete mokete wa dijo, a nwa veine moo batho bao ba sekete ba leng teng.


Hona bosiung boo, Beleshasare, kgosi ya Bakalatiya, a bolawa,


Ka yona nako eo, ha hlaha menwana ya letsoho la motho, ya ngola leboteng le ditsweng la ntlo ya bokgosi, malebana le sedulwana sa lebone, mme kgosi ya bona seatla sa letsoho le ntseng le ngola.


Ba tla tjheswa sa meutlwa e harahane, ba tjheswe sa dirite di omeletse, ba ntse ba itlopile veine ya bona.


Hoseng le tla re: ‘Hoja e ne e le ka phirimana!’ Ka phirimana le re: ‘Hoja e ne e le hoseng!’ e le ka baka la tshabo eo dipelo tsa lona di tla tshaba ka yona, le ka baka la tseo le tla di bona ka mahlo a lona.


Jwaloka ntsu e phaphamisa madinyane a yona, e a okaokela, e thathalatsa mapheo, e hloibile madinyane a yona, e a jara ka mapheo a yona,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos