Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 21:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Pelo ya ka e ferekane; letsoso le lebe le ntshwere; bosiu ba thabo ya ka bo fetohile bosiu ba tshoho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Pelo ya ka e a uba, ke thothomela ke tshabo, shwalane eo ke e hlolohetsweng e nkenyeditse letswalo.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 21:4
19 Referencias Cruzadas  

Yaba bamemuwa bohle ba Adonija ba tshoha, ba tloha, ba ikela e mong le e mong ka tsela ya hae.


Hamane a eketsa, a re: Hape, mofumahadi Esthere ha a ka a mema motho kantle ho morena ho tla dijong tseo a di entseng, haese nna; le hosasane hape, ke sa memilwe ho ya ha hae hammoho le morena.


Tshabo le thothomelo di nkeneletse, tshoho e nkimetse.


Ka re: Ke mang ya ka mphang mapheo a jwaloka a leebakgorwana,


Mala a ka! Mala a ka! Jo nna! Mabote a pelo ya ka! Pelo ya ka e a uba, nke ke ka ikgutsetsa, hobane, moya wa ka, o utlwa modumo wa terompeta le mokgosi wa ntwa.


Etlare ha ba futhumetse, ke tla ba etsetsa mokete, ke ba tahise, hore ba tle ba nyakalle, ba be ba ye ho robala boroko bo sa feleng, ba se ke ba hlola ba tsoha, ho bolela Jehova.


Ke tla tahisa marena a hae le ba bohlale ba hae, matona a hae le babusisi ba hae le bahale ba hae, ba tle ba robale boroko bo sa feleng, ba se ke ba hlola ba tsoha, ho bolela Morena: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Morena Belshatsare o ne a etsetse mahosana a hae a sekete mokete o moholo, mme a nwa veine pela batho bao ba sekete.


Ka bona bosiu boo, Belshatsare, morena wa Bakalde, a bolawa,


Ka nako yona eo, ha hlaha menwana ya letsoho la motho, mme ya ngola modilong wa lebota, mabapa le kandelare, ka tlung ya morena; morena a bona ntlha ya letsoho ha le ngola.


Hobane, leha ba rarellane jwaloka meutlwa, mme ba tahilwe ke seno sa bona, ba tla tjheswa kaofela jwaloka mooko o omileng.


Hosasa a tla re: Hoja e ka ba mantsiboya! Mantsiboya o re: Hoja e ka ba hosasa! ka baka la tshoho eo pelo ya hao e tla tshoswa ke yona, le ka baka la ditaba tsohle tseo mahlo a hao a tla di bona.


A etsa jwaloka ntsu ha e tsosa madinyane a yona, mme e okaokela hodima wona, e emisa mapheo a yona, e nka bana ba yona, mme e ba pepa mapheong a yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos