Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 2:7 - BIBELE

7 Naha ya sona e tletse silefera le kgauta, matlotlo a tsona ha a na pheletso; naha ya sona e tletse pere tse ngata, kariki tsa sona tsa ntwa ha di na palo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Lefatshe la bona le tletse silefera le kgauta, maruo a bona ha a balwe; naha ya bona e tletse dipere, makoloi a bona ha a na moo a fellang.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 2:7
15 Referencias Cruzadas  

Solomone o ne a ena le dijelo tse dikete tse mashome a mane tsa dipere tse hulang dikariki tsa hae tsa ntwa; le bahlabani ba palamang ba dikete tse leshome le metso e mmedi.


le mahosana a kgabang ka kgauta, ao matlo a wona a tletseng silefera;


Jwale ke a tseba hore Morena o nea tlholo, o e nea Motlotsuwa wa hae, o mo arabela a le sehalalelong, a le sehalalelong sa hae sa lehodimo. O mo arabela ka ketso tse pholosang, ketso tsa letsoho la hae le letona.


Le itse: ‘Tjhe, re tla palama dipere, re balehe!’ E, le tla fela le balehe! La ba la re: ‘Re tla palama tse lebelo!’ Tse le phaladisang di tla ba lebelo ho feta!


Ho madimabe ba yang Egepeta ho kopa thuso, ba tshepileng dipere le boiyane ba kariki tsa ntwa, le bapalami ba dipere hobane e le dinatla, empa ba sa natse Ya Halalelang wa Iseraele, ba sa ipiletse ho Morena ho batla thuso.


Ka baka la sebe sa bona ke ile ka ba halefela, ka ba otla, ka ba patela fahleho sa ka ke halefile; empa ba nna ba tswela pele mekgweng ya bona e kgopo.


Asiria e ke ke ya re pholosa, ha re sa tla palama dipere tsa ntwa. Tse entsweng ka matsoho a rona re ke ke ra hlola re re ke medimo ya rona, hobane kgutsana e utlwelwa bohloko ke wena.”


“Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “ke tla bolaya dipere tsa lona, ke robe dikariki tsa lona tsa ntwa.


Ke hobane e nwesitse ditjhaba tsohle jwala ba bohale ba bohlola ba yona. Dikgosi tsa lefatshe di entse bohlola le yona, mme bahwebi ba lefatshe ba ruisitswe ke boholo ba mouno wa yona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos