Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 2:6 - BIBELE

6 Morena, o lahlile tjhaba sa hao, e leng ntlo ya Jakobo, se tletse tumelo tse tswang Botjhabela, e bile ke dinohe jwaloka Bafilesita, se kgomaretse meetlo ya baditjhaba.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Efela o furaletse tjhaba sa hao, e leng ntlo ya Jakobo, hobane se tletse mekgwa ya ba Botjhabela; ke dinohe jwaloka Bafilesta, ba neelana matsoho le bana ba baditjhaba.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 2:6
31 Referencias Cruzadas  

Kgosi Akasiya a wela a le lethuleng la fesetere ya kamore ya hae e kahodimo, Samaria, a tswa kotsi e tshabehang. A roma maqosa, a re ho wona: “Tsamayang, le yo botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekerone, hore na ke tla fola.”


Morena a furalla ditloholo tsohle tsa Baiseraele, a di hlokofatsa, a neelana ka tsona matsohong a batlatlapi ba tsona, ho fihlela a di lelekela hole le sefahleho sa hae.


Yaba Saule o shwa ka baka la ditshito tsa hae, tseo a ileng a sitelwa Morena ka tsona, e leng ho se boloke ditaelo tsa Morena, le ho batla dikeletso ho mathuela.


Yaba Asariya o ya kgahlanyetsa Asa, mme o fihla a re ho yena: “Wena Asa, le bohle ba morabe wa Juda le wa Benjamine, mmameleng! Morena o na le lona haeba le lona le ena le yena. Ha le mmatla le tla mo fumana, empa haeba le mo furalla le yena o tla le furalla.


Moya wa Modimo wa theohela hodima Sekariya, mora wa moprista Jehoyada, mme yena a ema hara setjhaba, a re: “Modimo o bua tjena: ‘Ke ka baka lang le tlolang ditaelo tsa Morena, le bile le sa atlehe? Ke kahobane le furaletse Morena, mme le yena o le furaletse.’ ”


Mehleng yona eo, ka bona Bajuda ba nyetseng basadi ba Ashedode, le ba Baamone, le ba Bamoabe.


ba mpa ba nyallana le baditjhaba, ba ithuta mekgwa ya bona.


“Mosadi ya loyang o tla bolawa.


O se ke wa nyadisa bara ba hao baradi ba bona, esere ba ba kgelosa, mme ba hloka botshepehi ho nna, ba rapela medimo ya bohata ya baahi ba moo.


Mora wa ka, ha o itlamme ho lefa molato wa wa heno, wa hlapanyetsa e mong ho mo lefella,


Se nyakalleng lona Bafiletsita bohle, la re molamu o neng o le otla o robehile, hoba lelokong la noha eo ho tla tswalwa qowane, yona e tswale kganyapa e fofang ka setsokotsane.


Ha batho ba re le yo botsa ho ba buisanang le bafu le ho baloi ba hweshetsang, ba beraberang, na batho ha ba tshwanele ho botsa Modimo wa bona, ho ena le hore ba phelang ba botse bafu?


Morena o bua tjena: “Se ithuteng mekgwa ya baditjhaba, se tshosweng ke dipontsho, pontsho tsa lehodimo, le hoja baditjhaba ba tshoswa ke tsona.


“Ke furaletse ntlo ya ka, ka siya lefa la ka, moratuwa ka neelana ka yena, matsohong a dira tsa hae.


Ke ka baka lang o re lebalang kamehla? Ke ka baka lang o re furallang halelele?


“ ‘Le se ke la batla thuso ho mathuela kapa dinohe; le se ke la ya ho bona, esere ba le silafatsa. Ke nna Morena Modimo wa lona.


“ ‘Motho ya batlang thuso ya mathuela, kapa ya dinohe, ya mathang kamora tsona, ke tla mo halefela, mme ke mo kgaole setjhabeng sa habo.


Ke tla heletsa metse ya naha ya lona, ke qhaqhe qhobosheane tsohle tsa lona.


Boloi ba lona ke tla bo fedisa, le ho laola ha le sa tla laola.


Mohla Morena a etsang sehlabelo, ke tla otla mahosana le bara ba kgosi, le bohle ba apereng meaparo esele.


Bileame a porofeta, a re: “Balake, kgosi ya Moabe, e tswang thabeng tsa botjhabela, o ntlisitse kwano ke etswa Arame. ‘Tloo o nthohakele Jakobo! Tloo o halefele Baiseraele.’


E, ho jwalo. A kgaotswe ka baka la ho se dumele, athe wena o hlomathetse ka baka la tumelo. O se ke wa ikakasa, o mpe o tshabe,


Bafilesita ba bitsa baprista le dinohe, ba re: “Re etseng ka areka ee ya Morena? Re bolelleng hore na re e kgutlisetse moo e tswang teng ka mokgwa o jwang!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos