Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 18:6 - BIBELE

6 Bohle ba tla tlohellwa matlaka hara dithaba, ba tlohellwe le tsona batana tsa naha; hlabula matlaka a tla ja dinama tsa bona, mariha batana tsa naha di ba harole.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Bohle ba tla neelwa manong a dithaba le dibatana tsa naha, manong a tla solla teng selemo se be se fele, dibatana kaofela tsa naha di qete mariha teng.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 18:6
12 Referencias Cruzadas  

empa wena o lahletswe kantle ho lebitla la hao, wa lahlelwa kantle sa lekala le nyatseha, topo tsa babolauwa di entse setha hodima hao, bona ba ileng ba bolawa ka sabole, bona ba ileng ba theolelwa mohohlong o majwe, ba theolelwa jwaloka setopo se hataketswe ka maoto.


Tadima naha ya Bakalatiya, ya tjhaba seo e seng e se letho! Baasiria ba e fetotse hwatata la dibatana, ba haha tora tsa bona tsa dibohodi, ba heletsa qhobosheane tsa yona, ba e siya e fetohile masupi.


Ke bitsa lenong le etswa botjhabela, e leng motho ya tswang naheng e hole, ke mmitsetsa ho tla phetha thato ya ka. Seo ke se boletseng ke tla se phetha, seo ke se rerileng ke tla se etsa.


“Lona batana tsohle tsa naha tloong, le harole, lona dibatana tsohle tsa meru.


“Ke ba kgethetse mekgwa e mene ya ho ba timetsa,” ho rialo Morena. “Sabole e tla ba bolaya, dintja di tla ba harola, dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha di tla ba ja, di ba fedise.


‘Ba tla bolawa ke lefu le tshabehang. Ba ke ke ba llelwa kapa ba epelwa ke motho, empa ba tla tshwana le kgapane hara naha. Ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto, mme ditopo tsa bona e be dijo tsa matlaka, le dijo tsa dibatana tsa naha.’ ”


Ditopo tsa setjhaba sena di tla jewa ke matlaka le dibatana tsa naha, mme ha ho ya tla di leleka.


Dinonyana tsohle tse fofang di tla sala sefateng seo se robehileng, dibatana tsohle tsa naha di sale hara makala a sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos