Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 18:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Bohle ba tla neelwa manong a dithaba le dibatana tsa naha, manong a tla solla teng selemo se be se fele, dibatana kaofela tsa naha di qete mariha teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Bohle ba tla tlohellwa matlaka hara dithaba, ba tlohellwe le tsona batana tsa naha; hlabula matlaka a tla ja dinama tsa bona, mariha batana tsa naha di ba harole.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 18:6
12 Referencias Cruzadas  

Empa wena, o lahlilwe hole le lebitla la hao, jwaloka lehlomela le lebe le nyatsuwang, le jwaloka kobo ya ba bolailweng ka lerumo, ba lahlelwang lengopeng hara majwe, le jwaloka setopo se hatakelwang ka maoto.


Bona naha ya Bakalde! Ha e sa le setjhaba; Baassiria ba e neetse dibatana tsa naha; ba haha ditora tsa bona tsa ntwa, ba heletsa matlo a borena a Kanana, ba a etsa lesupi.


Ke bitsa ntsu botjhabela, le lefatsheng le hole ke lata ya tlang ho phetha morero wa ka. Ke boletse, mme ke tla etsa; ke rerile, mme ke tla phetha.


Lona, dibatana tsohle tsa naha, tloong, le je; le lona dibatana tsohle tsa meru!


Ke tla bea dikotsi tse mefuta e mene ho bona, ho bolela Jehova; e tla ba lerumo ho bolaya, le dintja ho harola, le manong a lehodimo, le dibatana tsa lefatshe ho ja le ho senya.


Ba tla shwa mafu a mabe, ba sa llelwe, ba sa epelwe, mme e tla ba moitedi hodima lefatshe; ba tla bolawa ke lerumo le ke tlala, ditopo tsa bona di jewe ke manong a lehodimo le ke dibatana tsa lefatshe.


Ditopo tsa setjhaba sena e tla ba dijo tsa manong a lehodimo le tsa dibatana tsa lefatshe; ha ho ka ke ha eba motho ya di tshosang.


Kutung ya yona e weleng, ho ahile dinonyana tsohle tsa lehodimo, makaleng a yona ho dutse diphoofolo tsohle tsa naha;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos