Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 17:8 - BIBELE

8 A ke ke a sheba dialetare tse entsweng ke matsoho a hae. A ke ke a sheba tse etsedisweng tshwantsho tsa Ashera, le aletare tsa mokubetso tse entsweng ke matsoho a hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ha a sa tla hlola a sheba dialetare, tseo e leng mosebetsi wa matsoho a hae, mme ha a sa tla hlola a tadima ho tseo a di bopileng ka menwana ya hae, leha e le diashera, leha e le ditshwantsho tsa letsatsi.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 17:8
29 Referencias Cruzadas  

Ba llela thuso, ba hloka mopholosi, ba llela Morena, ha a ba arabe.


Metseng yohle ya Juda a fedisa dibaka tsohle tseo ho neng ho rapellwa medimo ya bohata ho tsona, a fedisa le dialetare tseo ho neng ho tjhesetswa mokubetso ho tsona, mme mmuso wa eba le kgotso.


Ha tsena tsohle di se di phethilwe, Baiseraele bohle ba neng ba le teng ba ya metseng ya Juda. Ba fihla ba thua difika tseo ba di kgumamelang, ba senya le ditshwantsho tsa Ashera, ba heletsa dibaka tseo ho neng ho rapellwa medimo ya bohata ho tsona, ba heletsa le dialetare naheng yohle ya ba morabe wa Juda, le naheng ya ba morabe wa Benjamine, le ya ba morabe wa Efraime, le ya ba morabe wa Manase, ho fihlela tsohle di sentswe. Jwale bana bohle ba Iseraele ba kgutla, e mong le e mong a ya ha habo, motseng wa habo.


A thua dialetare tsa bo-Baale, a heletsa le ditshwantsho tsa medimo ya bohata, tse neng di le kahodimo ho tsona. A senya ditshwantsho tsa Ashera , le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse bopilweng. Tsena a di silakanya, a di etsa thuethue, mme a e qhalla hodima mabitla a batho ba neng ba di etsetsa mahlabelo.


O heletse dialetare tsa bona, o thue difika tsa bona tseo ba di kgumamelang, o senye ditshwantsho tsa bona tsa Ashera.


“Le tla hlajwa ke dihlong ke ho kgumamela fate sa eike, le swabiswe ke rapa tseo le di kgathileng.


Mohla tsatsi leo, masalla a Iseraele, ba ntlo ya Jakobo ba ileng ba phonyoha, ha a sa tla hlola a tshepa ya ile a a otla, empa a tla tshepa Morena ka nnete, yena Ya Halalelang wa Iseraele.


Mohla tsatsi leo, metse ya hae ya diqhobosheane eo a e furaletseng ka baka la ho baleha bana ba Iseraele, e tla tshwana le dithako tse merung kapa tse tlhorong tsa dithaba. Naha yohle e tla sala e le nanaola.


Naha ya sona e tletse medimo ya bohata, se kgumamela mesebetsi ya matsoho a sona, mesebetsi e bopilweng ke menwana ya sona.


Molato wa Jakobo o tla hlakolwa tjena, ena e be tsela ya ho fedisa sebe sa hae: Ha a fedisa dialetare tsohle tsa majwe, a di sila, a di etsa thuethue sa phofo ya mokwetla, medimo ya bohata, le tshwantsho tsa Ashera, di se di le siyo.


Medimo ya lona ya bohata, e manehilweng silefera, le medimo ya lona ya ditshwantsho, e manehilweng kgauta, le tla e silafatsa, le e lahle jwaloka lesela la lehatlelo, le re ho yona: “Tlohang mona!”


di tjhesitse medimo ya ditjhaba tseo, hobane e ne e se medimo; e ne e le medimo eo batho ba iketseditseng yona ka lehong le ka majwe, ke kahoo e timeditsweng.


Bonang, medingwana eo ke ya bohata! Mesebetsi ya yona ke ya lefeela, medingwana ya bona ke lefeela le kang moya!”


ke patsi eo motho a besang mollo ka yona; e nngwe ya yona o ikomosa ka yona, a bese mollo ho pheha bohobe. O betla le modingwana ka yona, a o kgumamele, a etse modimo wa bohata, a o obamele.


Le bana ba bona ba ntse ba hopola, ba hopola dialetare tsa bona, aletare tsa Ashera, tse tlasa fate tse talana tse hodima maralla.


Ke tla le fafatsa ka metsi a hlwekileng, mme le tla hlweka; ke le hlwekise ditshileng tsohle tsa lona, le medingwana yohle ya lona ya bohata ke e tlose.


Ekaba Efraime o sa tla etsang ka medingwana? Ke mo utlwile, ke tla be ke mo lebele. Nna ke ka sefate sa kipere, fate se setalana, ke ka thuso ya ka o behang ditholwana.”


Ya bohlale ke mang? Tsena o tla di hlokomela. Ya masene ke mang? Yena o tla di utlwisisa. Ditsela tsa Morena di nepahetse, ba lokileng ba tla tsamaya ka tsona, baetsadibe ba kgothometsehe ho tsona.


“Ke tla timetsa batho, ke timetse diphoofolo, ke timetse nonyana tse fofang sepakapakeng, ditlhapi tsa lewatle le tsona ke di timetse. Ke tla fedisa dikgopiso mmoho le ba kgopo, batho bohle lefatsheng le bona ke ba timetse,” ho rialo Morena.


“Ka lona tsatsi leo, le tla fedisa mabitso a medimo ya bohata kahara naha, e le hore a tle a se ke a hlola a hopolwa,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke tla tlosa le baporofeta le moya o sa hlwekang naheng ena.


Empa le tle le ba etse tjena: Le heletse dialetare tsa bona, le thue difika tsa bona tseo ba di kgumamelang, le senye ditshwantsho tsa bona tsa Ashera, le tjhese le ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos