Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 17:3 - BIBELE

3 Motse o haheleditsweng o tla ba siyo Efraime, le wona mmuso wa Damaseka o tla fela, masalla a Arame a tla fela sa tlotla ya Iseraele,” ho rialo Morena wa mabotho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ho fedile le qhobosheane ya Efraime, le mmuso wa Damaseka, le ho setseng ha Siria; ho tla dula ka bona jwalokaha ho kile ha dula ka kganya ya bana ba Iseraele: ho bolela Jehova wa makgotla.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 17:3
27 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya Asiria ya ananela kopo ya Akase; ya futuhela Damaseka, ya e hapa, ya thopa le batho ba teng, ya ba isa Kire, mme ya bolaya Resine.


Ka selemo sa borobong sa puso ya Hoshea, kgosi ya Asiria ya hapa motse wa Samaria. Ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria, ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane, ya ba bea le metseng ya Bamede.


Na Kalene ha e tshwane le Karakemishe? Na Hamate ha e tshwane le Arepade? Na Samaria ha e tshwane le Damaseka?


Empa jwale Morena o re: “Ho eso fete dilemo tse tharo, ho ya kamoo mohlanka a di balang kateng, botlotlehi ba Moabe le ba setjhaba sa hae se sengata, bo tla nyediswa, masalla a be mmalwana, a fokole.”


“Mohla tsatsi leo, tlotla ya Jakobo e tla fifala, monono wa hae le wona o fele.


Wena o fetotse motse qubu ya majwe, motse o haheleditsweng wa o fetola lesupi, motse wa bokgosi wa baditjhaba ha e sa le motse, le ho tsoswa o ke ke wa hlola o tsoswa.


Empa etlare moshanyana a eso tsebe ho kgesa bobe, le ho ikgethela ho lokileng, naha ya dikgosi tsena tse pedi, tseo o di tshabang, e tla fetoha nanaola.


hobane Damaseka ke motsemoholo wa Arame, hlooho ya Damaseka ke Resine feela. Ho eso fete lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mehlano, morabe wa Efraime o tla bo so senyehile, e se e se setjhaba.


Etlare moshanyana enwa a eso tsebe ho re ‘ntate’ kapa ‘mme’, maruo a Damaseka le kgapo ya Samaria di nkwe ke kgosi ya Asiria.”


Jwale Morena a re ho Hosea: “Mo ree lebitso la Jesereele, hoba haufinyane ntlo ya Jehu ke tla e otla, ke e otle, ke phetetse madi a Jesereele, bokgosi ba Baiseraele ke bo fedise.


Gomere a boela a emola, mme a beleha ngwana wa ngwanana. Morena a re ho Hosea: “Yena o mo ree lebitso la Mohanuwa, hoba ke tla hana ho hauhela Baiseraele, le ho ba tshwarela nke ke ka ba tshwarela.


morusu wa ntwa o tla tsohela tjhaba sa hao, qhobosheane tsohle tsa hao ebe di a ripitlwa, di ripitlwe sa mohla tsatsi lane la ntwa, ha Shalemane a ne a ripitla Bete-Arabeele, a pshatlaka basadi le masea a bona.


Bana ba Iseraele le bona ba tla qeta nako e telele ba se na kgosi kapa kgosana; ba se na sehlabelo kapa sefika seo ba se kgumamelang, ba se na setipe kapa medingwana ya lelapa.


Baiseraele ba kwentswe, ba kwentswe bokwiditane, jwale ba se ba lweba kahara baditjhaba, ba ka ntho e se e se na molemo.


Tlotla ya Efraime yona e tla nyamela, e nyamele sa nonyana e fofela hole, ho se be pelehi, kemaro, kemolo.


Ba hlapanyang ka medingwana ya Samaria, kapa ba reng: ‘Ka modimo wa hao, ya phelang, wena Dane,’ kapa ba reng: ‘Ka modimo ya phelang, modimo wa Beeresheba,’ ba tla wa, ba sa tlohlola ba tsoha.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos