Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 17:2 - BIBELE

2 Metse ya Arowere e tla hloka baahi, e tla fetoha metebo, mehlape e fule teng, ho se motho ya tla e tshwenya.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Metse ya Aroere e ya tlohelwa, e fetohe metebo moo mehlape e bothang teng, ho se motho ya e tshosang.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 17:2
17 Referencias Cruzadas  

O tla ithoballa ho se ya ka o tshosang, ba bangata ba qekise setswalle sa hao.


Motse o haheleditsweng o fetohile dithako, ke motse o siilweng, o furaletsweng sa lehwatata, ke moo manamane a fulang teng, a be a bothe, a itjelle makala.


Dinku di tla fula eka ke makgulong a tsona, dikonyana tsona di fule thakong tsa barui.


Tsatsing leo motho o tla rua kgomo e le nngwe le dikgutshwane tse pedi,


empa o tla ja lebese, hobane di tla be di sisa haholo. Bohle ba tla sala naheng eo ba tla ja lebese le mahe a dinotshi.


Lona ba ahileng Arowere, emang kathoko ho tsela le shebisise, le botse baphaphathehi ba banna le ba basadi, le ba botse, le re: ‘Ho etsahetse dife?’


Ditopo tsa setjhaba sena di tla jewa ke matlaka le dibatana tsa naha, mme ha ho ya tla di leleka.


Raba ke tla e fetola lekgulo la dikamele, metse ya Amone yona ke e fetole mapatlelo a dinku, mme le tla tseba hore ke nna Morena.


Ha ba se ba phela ka kgotso naheng ya bona, ho se ya ba tshosang, ba tla lebala dihlong tsa bona, le ditshito tsohle tseo ba ileng ba ntshitelwa ka tsona.


Motho ka mong o tla phomola tlasa morara wa hae, a phomole tlasa sefate sa hae sa feiye; ha ho le ya mong ya sa tla ba tshosa, hobane Morena wa mabotho o boletse jwalo.


Naha e bopong la lewatle e tla ba makgulo, e tla ba ya badisa le ya meraka.


Bara ba Gade ba haha metse ya Dibone, le Atarote, le Arowere;


Ho tloha Arowere e pela kgohlo ya Arenone, le ho tloha motseng o kahara kgohlo eo, ho ya fihla Gileade, ha ho a ka ha eba le motse o ileng wa re hlola, hobane Morena Modimo wa rona, o ne a neelane ka yona yohle ho rona.


“Ka nako eo re neng re hapa naha eo ka yona, ke ile ka abela ba morabe wa Rubene le wa Gade naha, ho tloha Arowere e pela kgohlo ya Arenone, le karolo ya thaba ya Gileade, le metse ya yona.


Moedi wa bona o ne o tloha Arowere e lebopong la noka ya Arenone, le motseng o kahara kgohlo, le phula yohle e pela Medeba,


Moedi wa bona e ne e le Jasere le metse yohle ya Gileade, le karolo e nngwe ya naha ya bana ba Amone, ho ya fihla Arowere, kapele ho Raba;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos