Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 10:13 - BIBELE

13 hobane kgosi eo e re: “Hona ke ho entse ka matla a matsoho a ka, le ka bohlale ba ka, hobane ke na le kutlwisiso; ke ile ka suthisa meedi ya ditjhaba, ka hapa le matlotlo a tsona; jwaloka ya matla ka kokobetsa baahi ba tsona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hobane o itse: Ke entse hoo ka matla a letsoho la ka le ka bohlale ba ka, etswe ke hlalefile, ke suthisitse meedi ya ditjhaba, ke ikgapetse matlotlo a tsona, mme jwaloka mohale ke rapaladitse ba dutseng diteroneng.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 10:13
31 Referencias Cruzadas  

Mehleng ya Peka, kgosi ya Iseraele, Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a futuha, mme a thopa batho ba Ione, le ba Abele-Bete-Maaka, le ba Janowa, le ba Kedeshe, le ba Hasore, le ba Gileade, le ba Galelea, le ba naha yohle ya Nafthali, a ba isa Asiria.


Akase a hahara silefera le kgauta ka Tempeleng ya Morena, le ka matloleng a ntlo ya kgosi, mme a di romela ho kgosi ya Asiria, e le mpho.


Jwale kgosi ya Asiria ya tlisa batho ba tswang Babilona, le Kuta, le Afa, le Hamate, le Sefarafaime, ya ba bea metseng ya Samaria, moo e neng e le ha Baiseraele. Samaria ya eba ya bona, mme ba aha metseng ya yona.


Ka selemo sa borobong sa puso ya Hoshea, kgosi ya Asiria ya hapa motse wa Samaria. Ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria, ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane, ya ba bea le metseng ya Bamede.


Kgosi ya Asiria ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria. Ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane; ya ba bea le metseng ya Bamede.


Hesekiya a mo nea silefera yohle e neng e le ka Tempeleng ya Morena, le e neng e le ka letloleng la ntlo ya kgosi.


ho fihlela ke le isa naheng e kang ya lona, e leng naha e nang le koro le veine e ntjha; naha e nang le dijo le masimo a morara; naha e nang le ole ya mohlwaare le mahe a dinotshi, hore le tle le phele, le se ke la shwa. “ ‘Le se ke la mamela Hesekiya ha a ntse a le thetsa, a re: Morena o tla re namolela!


Ka baka leo, Modimo wa Iseraele a hlohleletsa Pule, kgosi ya Asiria, e leng Tigelate-Pilesere, hore a thope ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le halofo ya setjhaba sa ba morabe wa Manase, a ba ise Hala, le Habore, le Hara, le nokeng ya Gosane, moo ba ntseng ba ahile teng le kajeno-ya-bokajeno.


Morui o ithetsa ka ho re o bohlale, mofutsana ya sedi o lemoha boithetso boo ba hae.


Yena o re: “Na balaodi ba ka bohle hase dikgosi?


Ho madimabe ba reng ba bohlale, bona ba iponang ba le masene.


Ke Egepeta e tlang sa Nile e sabaletse, e tlang sa noka tsa metsi a bilohang.” Egepeta e re: “Ke tla saballa, ke aparele lefatshe, metse ke e timetse mmoho le baahi ba yona.”


“Le ka ipolela jwang, la re ‘Rona re bahlabani, rona re dinatla tsa dikwakwariri ntweng?’


Ere ho bona: ‘Mamelang lentswe la Morena Modimo. Morena Modimo o bua tjena: Kahobane le ile la tsheha ha Sehalalelo sa ka se silafatswa, le ha naha ya Iseraele e ripitlwa, le ha ba ntlo ya Juda ba iswa bothopuweng;


“Wena ngwana motho, ha Tire e bua ka Jerusalema e ile ya tsheha, ya re: ‘Jerusalema e ripitlilwe, kgwebo ya yona e fedile, jwale ke tla atleha ha e le mona e fetohile lesupi!’


O mmolelle, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Wena Faro, kgosi ya Egepeta, moraparapa wa kganyapa o phelang dinokeng, o ithorisang ka ho re: “Noka ena ke ya ka, ke nna ka seqo ya iketseditseng yona,” tseba, wena Faro, hore ke a o lwantsha!


Ka melomo ya lona le ile la ithorisetsa nna, la mpuela mantswe a mangata a le fetang, mme ka a utlwa.’ ”


Ka baka leo, wena kgosi, ako amohele keletso ya ka, o furalle dibe tsa hao ka ho etsa ho lokileng, le bokgopo ba hao ka ho hauhela mafutsana; mohlomong o ka phela halelele ka boiketlo.”


a bua, a re: “Na ee hase yona Babilona e kgolo, eo ke e hahileng ka matla a ka a maholo, e le ntlo ya bokgosi le tlotla ya botlotlehi ba ka?”


Kahoo ke tla le fallisa, ke le fallisetse ka nqane ho Damaseka,” ho rialo Morena, lebitso la hae ke Modimo wa mabotho.


Lona ba thabelang Lo-Dabare, lona le re: “Na ha re a ikgapela Karanaime, ra ikgapela yona ka matla a rona?”


Ba fefola sa moya o foka, o ba o feta, ba fefola jwalo, ebe ba a ikela; banna bana ke banna ba sehloho, matla ke wona modimo wa bona.”


Kahoo se etsetsa letlowa la sona mahlabelo, diketswana le tsona di tjhesetswe mokubetso, hoba ke ka tsena se phelang ka boiketlo, le dijo tsa sona ke dimenyemenye.


“Kaofela ha bona ba tla mo nyedisa, ba mo nyahanye, ba mo nyefole, ba re: ‘Ho madimabe ya ipokellelang tsa boshodu, ya ithuisang ka ho hanyapetsa batho! Hoo ho tla ba jwalo ho fihlela neng?’


Ho seng jwalo, ka dipelong tsa lona le ne le tla re: ‘Matla a rona, le matla a matsoho a rona, ke wona a re ruisitseng.’


Morena a re ho Gideone: “Batho bao o nang le bona ba bangata haholo, hoo nke keng ka neelana ka Bamidiane matsohong a bona, esere Baiseraele ba ikgohomosetsa nna, ba re: ‘Ke rona ba ipholositseng.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos