Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 10:14 - BIBELE

14 Tsoho la ka le fumane matlotlo a ditjhaba, la a fumana sa hlaha sa nonyana, ka bokella naha tsohle mmoho, sa mahe a setse lepalapaleng, ha se be le e nngwe e sisinyehang, kapa e ahlamisang molomo ho hlaba mokgosi.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Letsoho la ka le hapile menono ya ditjhaba jwalokaha ho nkuwa ntlo ya nonyana; jwalokaha ho bokellwa mahe a tlohetsweng, ke ipokelletse lefatshe kaofela jwalo, mme ha ho ya kileng a sisinya mapheo, ya ahlamisitseng molomo, a lla.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 10:14
14 Referencias Cruzadas  

“ ‘Na ha le tsebe seo nna le bo-ntate re ileng ra se etsa ho ditjhaba tsohle tsa dinaha tse ding? Na medimo ya ditjhaba tseo e ile ya tseba ho di namolela matsohong a ka?


haeba ke nyakaladitswe ke ho rua haholo, hobane ka matsoho a ka ke sebeditse haholo;


Boikakaso bo etella timelo pele, boikokobetso bona bo tla pele ho tlotla.


lona le otlileng ditjhaba ka kgalefo, le sa kgaotse, la di kokobetsa ka kgalefo le ka mabifi a sa feleng.


Ka tjheka didiba, ka nwa metsi a baditjhaba, maoto a ka a pshesa melatswana, melatswana yohle ya Egepeta.


Ho madimabe lona ba inkelang matlo a batho, lona ba itjellang masimo a batho, ho fihlela baka sohle e le sa lona, le phela le le inotshi naheng eo.


Boikakaso ba hao bo u thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya phelang ka mafarung a mafika, wena ya ahileng maralleng a phahameng. Le hoja o ahile hodimo jwaloka ntsu, ke tla o theolela tlase,” ho rialo Morena.


Ka melomo ya lona le ile la ithorisetsa nna, la mpuela mantswe a mangata a le fetang, mme ka a utlwa.’ ”


Leha o ka fofela hodimo sa ntsu, wa haha hlaha sa hao, wa se haha hara dinaledi, ke tla o tlosa hona moo, ke o theole,” ho rialo Morena.


Lobelang silefera, le lobele le kgauta! Tlotlo le wele makgwabane, ke nyakafatane!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos