Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 9:9 - BIBELE

9 Ba tetebetse hara qhafutso ya bokgopo, ba tetebetse sa mehleng ya Gibea. Morena o tla hopola bokgopo ba bona, ebe o ba otlela dibe tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ba itshentse hampempe jwaloka mohla Gibea. Modimo o tla hopola makgopo a bona, o kgalemele dibe tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 9:9
16 Referencias Cruzadas  

Morena a bua ho Moshe, a re: “Theoha kapele, hobane setjhaba sa heno, seo o se nyolotseng naheng ya Egepeta, se se se silafetse.


Fatshe le silafaditswe ke baahi ba lona, ba tlotse melao, ba robile ditaelo; ba sentse selekane sa kamehla yohle.


Lona Baiseraele, kgutlelang ho eo le mo furaletseng haholo.


Morena o bua tjena ka setjhaba sa hae: “Se rata ho lelera haholo, se sitwa ho thibela maoto a sona. Kahoo Morena ha a se amohele, jwale o tla hopola bokgopo ba sona, a se otle ka baka la dibe tsa sona.”


“Wena ngwana motho, porofeta, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena ka Baamone le mahlapa a bona: “ ‘Sabole! Sabole! E ntshitswe selateng ho bolaya, ya tshotswa hore e timetse, e phatsime sa lehadima.


“Wena Iseraele, haesale o etsa sebe, o se entse ho tloha mehleng ya Gibea, bofetohedi ba hao bo qala moo Gibea, hona moo Gibea ntwa e tla o kgaoletsa teng.


Jwaloka setjhaba, baprista le bona ba tla otlwa, ke tla ba otla, ke ba otlele metsamao ya bona, ke ba putse ka baka la diketso tsa bona.


“Letsang lenaka le le Gibea, le letse terompeta le le Rama; hlabang mokgosi le le Bete-Afene, pele-a-pele wena Benjamine!


Kelellong tsa bona ha ba hlokomele hore ke hopola bokgopo ba bona. Kahohle dibe tsa bona di ba dikile, mme di pontsheng ya ka kamehla.”


Ba nketsetsa dinyehelo, nyehelo tsa mahlabelo, ba itjella nama eo ya mahlabelo, empa ho nna Morena, ha a amohelehe. Ke tla hopola bokgopo ba bona, ke ba otlele dibe tsa bona, ke ba kgutlisetse naheng ya Egepeta.


Moporofeta ke molebedi wa Efraime, Efraime, tjhaba sa Modimo wa ka; empa o tjhehetswe maraba, a a tjhehelwa tseleng tsohle, ka Tempeleng ya Modimo wa hae bora bo mo emetse.


Ka na ka bua ho baahi ba motse, ka re: ‘Ruri le sa tla be le ntlhomphe, le qetelle le mametse kgalemo ya ka, e le hore leaho la lona le se ripitlwe, le kahlolo tsa ka di se le wele hodimo.’ Empa ba nna ba hahamala, ba hahamala ho ya pele, ba eketsa ketso tse bodileng tsa bona.


Monga hae a re ho yena: “Re ke ke ra fapohela motseng wa baditjhaba, oo e seng wa bana ba Iseraele; re tla fetela Gibea.”


Ka phirimana ha tla monnamoholo a etswa mosebetsing wa hae masimong. Monna eo o ne a etswa naheng e maralla ya Efraime, a jakile Gibea, empa batho ba moo e ne e le ba morabe wa Benjamine.


Yare ha ba ntse ba ithabisa, banna ba bang ba motse oo, ba kgopo, ba etsetsa ntlo eo sakanalankope, ba tulaka lemati, ba bua le monnamoholo, monga ntlo, ba re: “Ntsha monna ya fihletseng mona ha hao, re tlo mo ja maotwana!”


Ba etsetsa ba morabe wa Benjamine sakanalankope ba ntse ba ba phaladisa. Ba ba etsa mofela ho ya fihla ka botjhabela ho Gibea.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos